Lesotho Correctional Service
LCS is part of the national security apparatus established in terms of section 149 of the constitution of the government of the kingdom of Lesotho as amended.
02/10/2026
INTERNATIONAL YOUTH FELLOWSHIP (IYF) E HLABOLLA BATS’OARUOA: MASERU CENTRAL CORRECTIONAL INSTITUTION
International Youth Fellowship (IYF) e ile ea etela Setsi sa Tlhabollo ea Batšoaruoa sa Maseru Central ka la 29 Loetse, ka sepheo sa ho khothatsa le ho matlafatsa batšoaruoa moeeng. IYF e na le tumellano ea ts’ebelisano le LCS moo IYF enang le manane thuto a tlhabollo ea se moea le a malebaleba a bophelo (life skills) a rutoang bats’oaruoa.
Hara baeti ba bileng teng e bile Pastor Bak Byounng Nam ho tsoa Korea Boroa ‘me, o ile a khothatsa bats’oaruoa ka molaetsa oa ts’epo; a hlalosa h**e ba phehelle ho ba le boinahano bo nepahetseng, ele ho sebeletsa ho ba le bokamoso bo chabileng h**e ba se ahloloe le ho hlalosoa ka liphoso tsa bona.
Ka lehlakoreng le leng e mong oa bahlabolli (Senior Rehabilitation Officer) Lehlohonolo Kotelo ho tsoa Maseru Central,o itse lenane lena ha le felle feela ho ruta lentsoe la Molimo empa le kenyeletsa ho ikamohela, hoba le menahano e nepahetseng le kellello e phetseng hantle e leng se bohlokoa ts’ebetsong ea tlhabollo. Bats’oaruoa ba bile le motsotso oa ho ithapella.
E mong oa bats’oaruoa o hlalositse lithuto tsena e le tse fetotseng bophelo ba hae, a re li mo thusitse ho tlohela mekhoa ea hae ea khale e mebe ea bophelo le ho amohela bophelo bo bocha.
Chief Officer Kheleli o ile a leboha IYF ka ketelo ena e molemo sebakeng sa phethoho ea bats’oaruoa,e thusang boitukisetsong ba ho khutlela sechabeng ba fetohile.
゚viralシ
30/09/2026
LETSATSI LA MACHABA LA BOITSIBISO
29.09.2026
Lekala la tsa Lehae ka lefapha la phano ea Litokomane tsa Boitsibiso le Ngoliso ea Tlhaho, le keteka letsatsi la Machaba la Boitsibiso (International Identity Day), ka ho abela bats'oaruoa litokomane tsa boitsibiso setsing sa Tlhabollo sa Banna (Maseru Central Correctional Institution) ka la 28 Loetse. Letsatsi lena le ketekoa selemo le selemo ka la 16 Loetsoe.
Malehana Lekaka, Mookameli oa lefapha o itse bats'oaruoa ba 20 ba etselitsoe mangolo a tlhaho, ha ba 16 ba etselitsoe tokomane tsa boitsibiso. Lekaka o itse mohato ona o ts'ehetsa morero oa ho netefatsa h**e motho e mong le e mong o na le boitsebiso ka 2030 lefats'e ka bophara.
E mong oa bats'oaruoa o ile a leboha ka monyetla ona oo ba o fuoeng ka lehlakoreng le leng ,Chief Officer Kheleli o itse bats'oaruoa ba hloka litokomane tsa boitsibiso hobane ba ntse ba ena le bophelo ka ntle le hoba setsing sa tlhabollo, 'me a leboha lephafa ka ho tlisetsa Bats'oaruoa lits'ebeletso tsena.
29/09/2026
Land Administration Authority(LAA) e khahlamelitse Setsi sa tlhabollo sa basali le banana ka materase a 130 a boleng bo holimo. Mookameli e moholo oa LAA, Malichaba Lekhoaba o boletse h**e Setsi sa bona se ile sa susumetseha ho khahlametsa setsi kamora ho utloa ka maemo ao bats'oaruoa ba neng ba robala ho ona.
Bats'oarua ba ile ba bonts'a teboho e kholo ba re materase ana tlo ntlafatsa maemo a bona a ho robala haholo. Ka hona ba iile ba itlama ho a hlokomelale ho a sebelisa ka boikarabello. Setsi se ile sa boela sa leboha LAA ka ho ts'ehetsa boiketlo, seriti le bophelo bo botle ba basali.
28/09/2026
Ka la 25 Loetse 2026,sekolo sa mopheho sa Honey Bee le Setsi sa tlhabollo ea bats'oaruoa li ile tsa thakhola ts'ebelisano 'moho ho qala lenane la ho ruta bats'oaruoa ho pheha.Sepheo ke ho fa bats'oaruoa tsebo ea ho pheha e le karolo ea tokiso ea bophelo ba bona le ho ba fa tsebo eo ba tlang ho e sebelisa ho iphelisa ha ba se ba khutletse sechabeng 'me ba tla fuoa mangolo a bopaki ha ba qeta thupelo.
24/09/2026
Mahe a ea fumaneha Setsing sa Tlhabollo ea Bats'oaruoa sa basali [ MASERU FEMALE CORRECTIONAL INSTITUTION]
Sgt 'Mathato Mabeleng o hlalosa tsa mesebetsi oa hae ele Mosupisi oa temo Leribe Correctional Institution
15/09/2026
YOUTH APPRENTICESHIP PROGRAM ORIENTATION
Venue: Community Treatment Centre (CTC)
Date: 14th September 2026
The Lesotho Correctional Services (LCS) hosted an orientation program for newly placed 31 candidates under the Youth Apprenticeship Program.
The trainees were warmly welcomed by Deputy Commissioner of Corrections (DCC) Ramaisa, who encouraged them to carry out their duties with undivided devotion, commitment and diligence. They were briefed on the role and mandate of the LCS and encouraged to feel at home within the institution while maintaining a positive mindset and conducting themselves professionally at all times.
The trainees were further urged to respect their supervisors,colleagues and other members of the staff, and to cultivate positive and productive working relationships within the institution.
The event was facilitated by the IESDP Unit, which operates under the supervision of Assistance Commissioner (ACC). Masenkane. The Unit delivered a speech presented by Supt. Thakalekoala, Office Manager at Correctional Headquarters, She explained that the IESDP plays the important role on the education of inmates and remains committed to equipping them with the knowledge and skills that will improve their prospects and support successful reintegration into society following their incarceration.
The following units within the department were presented: Security, Rehabilitation, Human Resources, Planning and Projects, Legal and Human Rights Unit. ASP Sello, from the Legal and Human Rights Unit, administered the official oath of office to the trainees, formally welcoming them as employees of the Lesotho Correctional Service and emphasizing the responsibilities and obligations that accompany their appointment.
NATIONAL PRAYER MATCH
09 September 2026
From New Parliament Building to the Old Parliament Building.
゚viralシ
28/08/2026
LETS’OLO LA HO MATLAFATSA TLHAHISO EA LIJO: LEFAPHA LA TLHABOLLO EA BATS’OARUOA LE AMOHELA THEPA EA TEMO HO TSOA ‘MUSONG
HA FOSO - Ka Mantaha oa la 24 Phato 2026, Lefapha la Tlhabollo ea Bats’oaruoa le ile la amohela thepa ea bohlokoa ea temo ho tsoa ho ‘Muso oa Lesotho, e le tlatsetso e matla ho nts’etsa pele tlhahiso ea lijo, ka hara lefapha.
Thepa e kenyeletsang literekere tse nne (4) le mochine o polang, e ile ea amoheloa ka molao ke Mookameli oa Lefapha ea ts’oereng molepo, Commissioner Matingoe Phamotse, setorong sa temo Ha Foso.
Phumants’o ea thepa ena ke mohato o moholo o lebisang boitjarong; ho hlahisa lijo tse lekaneng bakeng sa phepo e nepahetseng ea Bats’oaruoa; ho kenya letsoho mererong ea naha ea ho loants’a tlala le ho fokotsa lijo tse rekoang ka ntle, le ho akofisa morero oa lefapha oa ho fetolela temo khoebong e kholo bakeng sa boits’ematlelo ba lichelete.
Lefapha le leboha ‘Muso oa Lesotho ka ts’ehetso ena e ts’oarehang. Phumants’o ea thepa ena e bonts’a boitlamo ba ‘Muso ho matlafatsa morero oa LCS oa ho iphepa le ho hlahisa lijo molemong oa lefapha le sechaba ka kakaretso.
26/08/2026
FNB Lesotho Wellness Day
23 August 2026 Maseru Club
Lesotho Correctional Service (LCS) has successfully concluded its facilitation of the FNB Lesotho Wellness Day team-building activities across all three regions of the country.
The activities provided employees with an opportunity to step away from their daily routines, connect with colleagues, strengthen teamwork and, most importantly, reflect on the importance of physical, mental, emotional and social wellness in the workplace.
LCS Wellness & Team Building Facilitation Team extends its sincere appreciation to the management of FNB Lesotho and the Lesotho Correctional Service for their support and commitment to making the initiative a success. Special thanks also go to everyone who participated with enthusiasm, openness and team spirit.
Wellness is more than a single day or an event, it is an ongoing commitment to building healthier, happier and more productive workplaces. By investing in the well-being of employees, organisations create stronger teams, better relationships and a healthier working environment.
Click here to claim your Sponsored Listing.
Category
Website
Address
P. O. Box 41
Maseru
100
Alerts
Be the first to know and let us send you an email when Lesotho Correctional Service posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.