Bad Chapter
Contact information, map and directions, contact form, opening hours, services, ratings, photos, videos and announcements from Bad Chapter, Digital creator, Quthing.
MOLAHLEI
( karolo ya borobong)
alla ka pelo, meokho e sa tswe.
Molahlei ha a sa fumane mosebetsi, a qelella ho batla ntlo
eo a ka e hirang. Matlo a hiriswang Gauteng a mekhwa e 'meli. A mang ke a 'muso, a mang ke a baahi ba teng. Baahi ba Gauteng ba bangata ba se ba lemohile h**e matlo a hiriswang a etsa chelete e ngata.
Ha ba haha, ba etsa matlo a maholo, a nang le likamore tse ngata. Kamore e nngwe le e nngwe ba e hirisa leshome le metsi e mehlano la lisheleng , kapa ponto, ka khweli
Motse o teng Gauteng o bitswang Orlando. Matlo a oona kaofela ke a 'muso. Mehleng ea pele e ne e le motse o monyenyane haholo ho metse ea Gauteng, empa kajeno o holile haholo. Molahlei ha a ntse a batla ntlo, a fihla motsaneng ona. Eare moo a seng a tetse, ho sa bonahale h**e ntlo a ka e fumana, a kopana le mosali oa Mosotho, oa seithatihali e motle a eme ka litlhako. Lesolanka a le hlabile ka tholopini, liqola tsa lona li qopetsa fatshe, a ntse a le ja ka litswe khafetsa ; matsetlela a hae e le a tsela li kholo; a ntse a tila ka leoto fatshe jwalo ka motho ea sa rateng ho bua.
A le mosehlana bo hapang; nko li le liphara, li mpa li sa mo rone ; a li famola jwalo ja ka poho ea pere ha a bua ; sefahleho a ntse a se soenya hangata, kamoo e leng bokako ba lithope tsa Basotho kateng. O ne a hloka ntho tse tharo feela h**e e be Mosotho ea phethehileng: litobatobi, nyao, le
ho tutuela.
Molahlei mehopolo ea ba ea khelekhetheha ha a ntse a bua le eena. A bona a mo khahla, a mpa a hopola sehloho seo a tswa se fumana, ka baka la ho khahloa feela. 'Me a boela a tiisa kano ea hae ea h**e ha a sa tla khahloa ke moroetsana, leha a ka ba motle joang le joang
A botsa Molahlei lebitso, moo a tsoang le moo a eang; Molahlei a bolela. Le eena a ipolela h**e lebitso la hae ke Botlenyane, o ahile hona moo Orlando. A bolella Molahlei h**e ntlo eo a lulang ho eona e na le kamore tse peli, ' me a ka mo hirisetsa e nngwe ea tsona .
MOLAHLEI
( karolo ya borobeli)
o iketselitse moalo oa meutlwa. Ka tsatsi leo, a qala ho tswa ka tlung, a leka ho batla mosebetsi. Mantsiboya, ha a fihla a fumana liaparo tse ling tsa hae tseo a li reketsweng ke mosali li le sieo.
Ha a re oa botsa, mosali ho eena ka bohale halahahla: " Papatlele tooe, hleka ba u loile ka nna? U mpotsa liaparo tsa hao, u n'u ile ua li siya le nna? Ha u e'o botsa matekatse ao esaleng u ea ho ona? Ke boetse ke molebeli oa aparo tsa hao? Khale ke u rerisitse h**e u ntswele ntlo, la hosasa ha le ka u likella mona ke tla u tshwarisa."
Bosiung boo Molahlei a lala a sa robala, hloho e opa ke ho nahana. A ba a kenoa ke mohopolo oa h**e a bolae mosali; empa a inyatsa. Eare ha bo re tshekhe, mofumahali a mo tlamela thotonyana ea hae ka tuku, a mo ntsha ka khoro. Likobo tsa Molahlei, tseo a neng a fihle ka tsona, li ne se li tabohile, hammoho le liaparo tsa hae tse ngata.
Mofumahali a nka tsohle tse ncha, a re ke tsa chelete ea hae; le lekase la Molahlei la liphahlo a hana ka lona, a re a tsamaye a le jwalo, matekatse a hae a tla mo rekela tse ncha Eitse ha a etsoa ka heke, mosali a mofehetsa ka mantswe a reng : " Ha eno, ha e otle, u jeloe ke kea-rata !" Molahlei a tsamaye a swabile, maoto a mo imela; le ho hetla a se a sa hetle , a lla ka pelo meokho e sa tswe.
Pls like follow n comment for more ๐
MOLAHLEI
(karolo ya bosupa)
mohlomong a ka fihla a shwele. A botsa ngaka h**e na ha ho na mokwa o mong o lokileng oa mo laetsa. Ngaka ea bolela h**e e se ile ea qala ka baphaphi, mme tsohle li tlamehile ho phethwa ke bona, le tefo ke ea bona. Masene a bona ho le molemo h**e a tlohele ngwana hae moo a leng teng, ho ena le ho mo etsetsa sehloho; tsatsi le tla ba teng leo a tla hopola hae ka lona.
Chelete ke ntho e kholo ho mang le mang. Ke eona motheo oa bophelo ba lefatshe. Sethoto se sa rutehang se fumana tlhompho, se lula le mahosana, bohle ba se rolela likatiba ka baka la chelete. Hangata motho e mosweu a eso nyale, o tshwanela ho tseba leruo leo mosali a tla mo tlela le lona; ha a rate mosali hakaakang, o rata leruo la hae .
Le ho ba batsho ho se ho le jwalo, lerato la mosali le fetwa hole ke la leruo. Taba e mpe ho ba bang , ke hoba ha leruo leo le fela, le lerato eba le felile; le hona hase hangata batho ba batsho ba lekang ho eketsa leruo le jwalo; monna o lahla mosali, kapa mosali a lahle monna ebe ke ntho e felileng.
Mosali oa Molahlei ha a bona h**e kajeno chelete ea Molahlei e felile, a hla a atisa ho mo qoaea, le ho mo nyefela ka lipuo. Ka mehla ha ba e-ea motjekong, ba ne ba ea 'moho ba tshwarane ka matsoho. Kajeno taba li fetohile. Mosali o tsamaya a 'notshi, o notlella monna ka tlung.
Ha monna a botsa lebaka, ho thwe o apara jwalo ka lebofe, kwata e letsoku ka litsebeng, etswe khale a mmoleletse h**e a ipatlele ntlo. O khathetse ke eena , khale a sebeletsa , a ke ke a kopa ho sebeletsa mo- hlohlwa- o-rapame.
Molahlei a tlalwa ke pelo ha a hopola h**e chelete ea hae e feletse ho mosali enoa eo kajeno a mo qhelelang thoko. A hopola mantswe a ntatae ha a na mo khothatsa, a mo eletsa mohla a qalang.ho ea sekolong; le a moruti oa sekolo a a hopola. A iphumana h**e ke nnete o hahile ntlo e masoba, o iketselitse moalo oa meutlwa.
Pls like n comment for more ๐
Molahlei
( karolo ya botshelela)
Lingaka tsa Basotho li laola ka litaola tsa masapo a liphoofoto: Tsa Mazulu litaola li mefuta e mmeli. Ke tsa masapo tse tshwasang le tsa Basotho, le tse ling tse ling tse bitswang baphaphi, kapa abolozi ka Sezulu. Litaola tsa baphaphi li mefuta e mengata , tse ling li entswe ka lihonyana, tse ling ka maqalanyana a khaotsweng likotwana , eaba a fapanngwa jwale ka sefapano, a tlamellwa hammho.
Masobeng a maqalanyana kapa lihonyana tsena, ho tswa mantswe a masesanyane jwale ka a batho ba buang ba le hole. Ho tumile h**e mantswe ana ke a bafu , baholo- holo ba ngata, bao e leng khale ba shwele. Ha ngata e laola e ikokobelitse haholo, le hona e bua Sezulu leha e le ea Mosotho
Ngaka ea Lezulu ea bolella Masene h**e e tshwanetse ho laola e eso kene mosebetsing, e le h**e e tle e tshabe ho bona se thibelang Molahlei h**e a tle hae.
Ea re, litaola tse tla nepa hantle ke tsa baphaphi, tefo ea tsona ke sheleng tse hlano. Baphaphi ba bolela h**e Molahlei o ntsa phela moo a leng teng , feela mosali ea lulang le eena o mo jesitse moriana o bitsoang se ka -hopola- mamela- nna. Ka nako eo Molahlei a hopolang hae ka eona, o bataoloa ke letswalo se le makatsang; ere ha le fa, a bone sefahleho sa mosali eo se le setle ka ho fetisisa. Hona ho etsahala ha mosali eo a le teng
kapa a le sieo.
Molahlei o sa fetohile tshere- tshere feela feela e sa tsebeng le ho araba ha mosali eo a bua. Ngaka ea tiisa h**e Molahlei a ka tla fihla hae beke e eso fele. E tla mo romella baphaphi h**e ba e' o mo lata.
Ha ba fihla ho eena feela, o tla tloha ka ntshwe- li-sa- fohloa, a sa sa hopole letho la hae ha e se batswali feela. Ha eba ba ka mo fumana a robetse, o tla tsamaya joalo a se na sanketlana, bosiu le motsheare. A ke ke a robala a eso fihle hae.
Masene a bona h**e o tla be a entse sehloho ka ngwana hae. Mohlomong a ka tla fihla a shoele .
MOLAHLEI
( karolo ya bohlano)
Ntata Molahlei a ngola mangolo a mo batlang a ba a tela. Qetellong a tsebisa mapolesa h**e a 'matlise, le ona a hloloa. Mosali oa Molahlei a utlwela h**e o ntse a batlwa , mme a se ke a ba a mo lumella h**e a tswele kantle motsheare, ha e se ha ba e ea motjekong, bosiu.
Ka nako ena Molahlei o ne a ena le chelete,. tsohle li itlisa, a sa khathatswe ke letho . Ntatae Masene e ne e le motho ea ratang haholo ho ruta ngwana hae. Ha a bona a se a fetohile lebitla, a hloloa ke pelo, a pheha lipabi, a leba Gauteng ho ea 'matla.
O 'matlile ka litshiu tse ngata , empa a hloloa, a ba a boela hae. Ka khopolo ea h**e mohlomong lingaka li ka mo thusa , a li khatanya h**e li monyolle . Ngaka e tla 'ne e fihla e hlaba nku , e chesa mesisili; ha nama e fela ha e sa bonahala. Linku le likhomo tsa fela, empa mosebetsi oona o sa tsoele pele
Masene ha a bona h**e lingaka tsa Basotho li mo qetela leruo feela, empa mosebetsi oa tsona o sa atlehe, a batla tsa Mazulu. Mazulu ke batho ba tumileng haholo ka tsebo ea litlhare, haholo tsa mmitsa , meleko, boloi le tsa ho nkelana likharebe.
Hangata mohlankana oa Lezulu leha e ntse e le motlama sekhama ( tie) , selibeloana ha se tlohe ho eena. Ha a ile a khahlwa ke kharebe, oa se tlola ha a ea bua le eona. O bua a le mabeli feela taba li loke, kapa ha kharebe e mo hlala, eena a ntse a e rata, o na le hona h**e a e hlantshe, a e kenye lefu le bitswang fonfonyane, leo motho oa lona a buang lipuo tse teng mona lefatsheng kaofela.
Pls like n comment for next chapter ๐
MOLAHLEI
( karolo ya bone)
Ba lutseng fatshe ba hlokoleha, ba oma ka lihloho ; ba tila ka lirethe, ba bang ba bahlankana ba ba ba ema, ha mpa ha bonahala h**e baroetsana ba nkilwe kaofela. Molahlei a bona ntho e ntle, empa haholo a khahlwa ke likharebe. A bona e le tse ntle tse butswitseng, li ila tsatsi tsa tshomong, tsee ho bonahalang h**e li tlola mafura e fetolang ' mala.
Litlolo le liaparo ke ntho tseo baroetsana ba tshwasang bahlankana ka tsona , jwale ka motho ha a tshwasa hlapi ka lijo;
le hona baroetsana ba hlile ba bona kapele ha mohlankana a ena le litaba lebona.
Pina ha e fela, Molahlei a thalatsa ka mahlo ho bona thope eo a ka buang le eona, empa a e hloka. Ho tjekiloe, ha tjekoa Molahlei a ntse a lutse hona mola, a lebeletse ha ngoale e khiba.
Khabareng e mong oa baroetsana a tla ho eena, a mo kopa h**e ba tjeke. Molahlei a itatola h**e ha a tsebe ho tjeka. Eaba moroetsana o lula fatshe, ba qoqa. Ha motjeko o fela Molahlei le thope ba tsamaya ' moho, ho ea moo thope a lulang teng. E bile Molahlei o se a nyetse ho felile.
Pls like n comment , karolo engwe yatla ๐
MOLAHLEI
( karolo ya boraro)
Pelo ya motswali :
Molahlei a e - so tebelwe sekolong, o ne a ile a ngolla hae h**e ntatae a mo romelle chelete, oa kula ; eaka motho ea tsebileng h**e o tla tebelwa. Bakeng sa h**e Molahlei a lebe hae , a fumana sebaka se setle jwale sa ho ea Gauteng
Metswalle ea hae ea hla ea mo khothaletsa tsela, ea 'molella tsa monate oa teng, le kamoo a tla iketla kateng, le mahlale a tla ithuta 'ona.
Gauteng, Molahlei a fumana mefuta- futa ea batho. A fumana bophelo ba teng e le bo boima haholo, hoba ka ntle ho chelete ha ho jeoe, ha ho aparoe. Batho ba bangata ba phela ka ho rekisa jwala ba Sekhooa kapa ba Sesotho. Ka tsatsi le leng ha a ntse a lutse, a bona motswalle oa hae ( motsamaisi oa lipina) a kena ka tlung, a notlela lemati. Ha a qetile a hlobola a thatlla lelapi le leo jarete ( price) ea lona
ke pondo.
A bolella Molahlei h**e o tlilo le rekisa , ke oona mokhwa oo a phelang ka oona. Molahlei a qala ho elelloa h**e metswalle ea hae ke masholu; liaparo tsa bona tsohle tseo a neng a ba rorisa ka tsona ke tsa bosholu.
Gauteng lenyalo la teng le qoleng ea kobo, mme le ho hlalana ha teng ho jwalo feela. Ngwana o nyala a sa tsebe h**e na o etsang ka mosali hoba ha bosiu bo esa o bona e mong e motle ho feta oa pele. Ho thoe ke metsi a macha a ntsha a khale , jareteng ea litholoana tse ngata mo ikutloa pelo oa ikhela. Le banana ba teng ke litshoantshoang . Mosali ha a na eo e leng oa hae.
Ka mohlomong Molahlei a ea motjekong, Inch Cape Hall. Ha a fihla a fumana batho ba eso fihlellane. A lula fatshe , eaba o ntsa eya ba teng ka mahlo, ho bona h**e ho ka ba le ea ka motsebang .
Ao! nako e sa hane ho tsamaya, ba kena ba bangata. Bahlankana ba kena ba apere ha ntle . Ea qaleha pina . Moshemane , a nka thope a thalatsa ka eona , a thoena jwalo ka khaka a ba a tsamaya a hoshola jwale ka tshipjane: ho bile ho bonahala h**e o etsa ntho eo a etsebang
Pls like n comment
MOLAHLEI
( karolo ya pele)
Metswalle ea Molahlei e ne e le libini tse kholo tsa sekolo. Ho ne ho se ba binang kapa ba bapalang thomo jwalo ka bona. Mothaka oa sekolo kaofela o ne o jela khwebeleng ka baka la bona. Ha ba bina lipina tsa ma- Negro, le sethoto se sa tsebeng ho ahlamisa molomo se ne se hlomoha.
Motsamaisi oa bona lipineg e ne ele ea hloho e tshesane, ea mahlo a nchocho, ea tsebe li lisholo ; khalala ea moshemane liaparong ; seeta sa hae se hlakolwa khafetsa ka letsatsi. Baroetsana ba hapeha moea ha ba mmona. Ke eena motho ea ileng a hla a hapa Molahlei kapele. Molahlei a fumana hantle h**e ha ho thwe motho ea rutehileng , ho bolelwa ea jwalo ka eena
A hla a lakatsa haholo h**e a be jwalo ka eena ka mekhwa le liketso. Pelo ea hae ea chesehela ho ka fihla Gauteng e le h**e a bone sena se hlalefisitseng metswalle ea hae.
Ntho e ne e le ngwe feela e makalitseng Molahlei. Metswalle ea hae e ne e fokola hampe lithutong , ho bile ho bonahala h**e le hanyenyane ha ba itokisetsa ho ithuta, ntho e kholo ke lipina, liaparo le ho ngolla likharebe. Lentswe la Sesotho le re, " motswalle wa moloi ke moloi" . Hang le eena a lahla lithuto , a etsisa metswalle ea hae
Sekolong sefe kapa sefe, banshanyana ha ba lumellwe ho bonya le banana. Taba e kholo ke hoba ba bang ba lebala seo ba se tletseng ba shebe lefereho . Ha beli kapa hararo Molahlei le metswalle ea hae ba ile ba sekelwa ka ho tebelwa ka baka la boitswaro ba bona bo bobe.
Ho tlwaela ha namane ke ho thoba. Qetellong Molahlei le metswalle ea hae ba tebelwa sekolong ka ho se hlokomele melao ea sekolo le ka baka la mekhwa ea bona e meb.
Pla like n comment๐
MOLAHLEHi
(karolo ya pele)
Motswalle
Ntho e thata ho rona batho ke ho khetha motswalle oa nnete. Ha ngata re khetha metswalle ka melemo eo re hopplang h**e eka re etsetsa eona, kapa ka khopolo ea h**e re tla ba bohlale jwalo ka eona; ba tla re fa maele a ho etsa ntho tse itseng. Ba bang re khetha hobane re rata ho nka mekhwa ea bona e mebe ea bolotsana.
Ho jaliloe mona lefatsheng. Molimo o entse peo ea lipalesa le ea meutlwa. Ba bang ba rona ba feta lipalesa, ba nke meutlwa. Ho jwalo ka ha mohlankana a khetha kharebe eo a e nyalang. Ka nako engwe o nyala motho oa sebele, ea imametseng ; ka engwe a nke sekhoba a ntse a se bona
Ka baka la h**e a mpa a khahliloe ke mesebetsi ea hae e itseng. Taba e makatsang ke hoba ha ho motho ea ratang ho lula ka ntle ho motswalle, esita le semumu se na le motswalle. Molahlei le eena e ne ele motho ea jwalo ka ba bang. Ha fihla sekolong a khetha metswalle ho ba mokhahlang ba Gauteng
Bana ba Gauteng ba bangata ba holisoa hampe haholo. Ka baka la bohlaswa ba batswali kapa ka hobane batswali ba sebetsa, ba sa lule hae , bana ere ba sa le banyanyane , ba be ba se ntse ba matha hara motse, ba nka mekhwa e mebe le e metle, ba bile ba hloka tlhompho.
Ba se nang batswali bona ba fetoha makanyane, balotsana le litsetse tse makatsang
Na tswele pele mehaeaoโ
LESEAQHEME LA NNTE
( karolo ya bobeli)
Tseo he ke tsona lintho tseo Masitsa a neng a sa li batle le hanyenyane feela. O ne a ka lula letshehare lohle a emetse mapolesa
Mokhwa wa Masitsa e ne ele h**e o ne a se a tlwaetse khotla ha bohloko hoo ba neng ba se ba sa mokhone hantle. Tlwaelo ya hae e ne ele h**e ha a botswa h**e na o molato kapa che, ebe o ikarabella ka h**e ha a molato. Ha ho thwe a fane ka lebaka a be a bolela h**e o entse ketso ya ho utswa hobane a ne a lapile. Moahloli ha a nahana ho liha kahlolo a qale pele ka ho nahana h**e tlala ha se thaka motho. A tseba ka botlalo h**e mpa ya motho ha e kolotwe mme ntho e neng e thabisa ke h**e mohlankana enwa o ne a na le nnete.
Nnete eo lefatshe le e hlokang, motho a bolaya motho empa a itatola ka e mong mme ka mora nako e teletsana ha le ntse le tsamaya motseng mona, le utlwe batho ba bua nnete h**e kemang ya neng a bolae motho eo. Ka motsotso ona motho o utlwe bohloko ha o hopola h**e ya tlamelelitsweng o bile a hlahiswa makhotleng a maholoholo moo a bileng a ahlolelwa lefu teng.
Masitsa o kile a hlalosetsa Mmaseterata e mong h**e yena lebaka leo a inkelang ntho tsa batho ntle le tumello, ke hobane motho ha o lapile o kopa batho h**e ba o fe lijo kapa ho ka yang ka maleng, ke mohla ba tla qala ho o bolella ha o sa rate ho sebetsa kapa ntho li hana ho fela. Jwale o bona h**e a mpe a inkele empa a tsebise ka lengolo h**e ke yena ya nkileng
Ka nako ena Masitsa ha a ne a bua tjena ka khotla o ne a ikhautse e le konyana . Mmaseterata a sebetsa nyewe ena ka bohlale bo makang ka h**e na o se a kile a bona kae motho ya tla lulela ho kopa a sa sebetse. A bolella Masitsa h**e a itshebeletse ka matsoho a hae
Ka nako ena a mmotsa potso h**e na ha a na matsoho na. Masitsa a lumela mme Mmaseterata a re ho yena: " Monna ka mehla ha o lapile o ke o buisane le matsoho a hao, o a botse h**e na a hlolwa ke eng ho fatela se ka yang ka maleng empa a sa kule."
LESEAQHEME LA NNETE
( karolo ya pele)
Bohle re a tseba h**e botlokotsebe ke e nngwe ya ntho tse sitisang sechaba haholo. Ho o mong wa metse e meholo mane Lesotho e leng Leribe, ho kile ha ba le moshanyana ya neng a thibane litsebe haholo. Lebitso la moshanyana eo e ne ele Masitsa.
Yena o ne a tumme haholo le metseng e haufi le motse ona wa Leribe ka baka la botlokotsebe. Batho bohle mona motseng ha ba ne ba nahana ka Masitsa ba ne ba tsitsipana ha bohloko haholo. Hara ntho tse kholo tseo a neng a tumme ka tsona tse sa jeseng batho litheohelang e ne ele ho tsuba matekwane, litlhapa, bosholu le ho thuba mabenkele a batho a inkela lintho tseo a li ratang
Ntho ya hae e ntle e ne e le nngwe feela, ke h**e ha a ne a utswa ntho ya motho , o ne a sa e nke kaofela jwalo ka ha eka keya hae. O ne a nka bonyane feela ebe o siya ntho tse ling li ntse li le teng; ha e le lijo tsona o ne a utswetsa ho ja feela ka ha bohle re tseba h**e mpa ha e kolotwe
Le hona motho ya tsubang matekwane o ka mo kopa ha a ja? O hana ho thwe pitsa e tshetswe ka metsi. O tla o bolella h**e o mofe yona a tlo bona. Ha e fihla mona otla khetha moo a khethang a khorise mpa ya hae. Ha a ne a utswitse ha hao, o ne a siya lengolo h**e o se makale ke yena ya inketseng mme o nne o bokelletse hape, mme yena o tla leka ka matla h**e a tle hape a tlo lata bonyane hape.
Leha a ne a utswitse e ne re ha mapolesa a fihla a se balehe. O ne a ikemela feela mme ha koloi ya mapolesa e qeta ho emisa a be a tsamaya a ya ho yona a fihla a ipulela lemati a palama.
Masitsa o ne a opolela h**e yena ha se mmutla wa lintjeng ka hona e ke ke yare ha a entse ntho, a lulela ho lelekiswa ka morao ke mapolesa. O ne a hlalosa h**e qetello ya lesholu le hlolang le lelekisitswe ke ho thunngwa leoto kapa ho shwa lefu la kulo.
A re yena o batla h**e lepolesa le thabele ho rongwa le tlilo mo lata ka Jo tseba h**e ha a sokolise.
MOLOI HA A MELE BOYA
(karolo ya bohlano)
Hoba a ba atamele jwalo a hlokomela h**e nku e lahlehileng eo a ntseng a ebatla e ka thokwana ho khabo eo ya mollo. Thabo ya hae e ne e le e khapatsehang mme o ne a sa tsebe h**e na aka etsa jwang ke thabo. Hlathe e ne e lelelisa tsebe ke thabo ya ho bona nku yabo e ntse e phela e sa shwa
Ponahalo ke h**e nku eo e ne e ilo sebetsa moketjana wa siung boo. Hoba Lefaso a ba atamele haholwanyane, a hlokomela h**e ba ipatile ka pele ka matsoho mme ba lebetse ho ipata lifahleho. O ile a ba tseba kaofela ha bona. O ile a halefa a ba le matla a tshwanang le a khanyapa , a re o ilo bolella morena Tohlang wa Qoqolosing ka ketso ena ya bona
Ba ne ba tseba h**e sena etla ba qetello ya bophelo ba bona ha seka fihla tsebeng tsa morena. Ba tla bolawa polao e sehloho pela sechaba le bana ba bona. Ba ile ba rapela Lefaso h**e a se ke a mpa a etsa jwalo mme ha a ka thola, otla hola a be a khokhobe
Ba lokolla nku ena ya Lefaso mme yena a ikela ka yona. Ya re ha a le sebakanyana mane a boela a khutlela ho bona hape ka khopolo ya ho ya botsa h**e na papali eo ya bona e bitswang ha ba e bapala jwalo
Ha ba ka ba mo patela letho ba ile ba mmolella h**e ke papali ya pina. Lefaso e ne e se moshanyana ya tshwanang le bana ba matsatsing ana: fuba sa hae se ne se sa rahwa ke tonki. Le ha a ile a fihla hae ka meso, ha khoho tsa pele li itokisetsa ho lla, o ile a thola, taba ena a a se ke a e hlahisa le ho ntatae
Qeto eo Lefaso a ileng a etsa ke ya h**e o ile a ithuta ho tloha tsatsing leo h**e ruri moloi ha a mele boya kapa tsona litshiba.
Pls follow Bad Chapter for lipale khutshwe tse ling tse ngata
Click here to claim your Sponsored Listing.