Paray Mission Hospital
Tsotello ea mokuli Ke Bophelo baka. “Care of patient is my passion”
Rea lelumelisa Basotho,Lilala tsentle re hlokometse sello sa lona mabapi le li birth Certificate tsa bana ba hlahetseng sepetlele koano. Re hlokomelisa sechaba ka h**e sepetlele hase etse litokomane tse joalo, litokomane tsena li etsoa ke lekala la tsa lehae Home Affairs. E le ho atametsa lit'sebeletso ho Basotho lekala le etsa mosebetsi oa ho ngolisa tlhaho ea bana ka hara lipetlele.
Re khothaletsa bo 'Me bohle bao bana ba bona ba hlaetseng ka Sepetlele Paray ba soka ba fumana mangolo a bana empa bane ba bangolisitse ho etsa t'salo morao le lekala la tsa lehae e le hofokotsa h**e bane ba sokole habafihla ka sepetlele ebe re ba khutlisetsa lekaleng latsa lehae rea leboha
Re kopa ho hlokemelisa bo 'Me bohle h**e ke boikarabello ba motsoali ka mong ho tsoa ka hara sepetlele atseba h**e na litaba tsa lengolo la tlhaho la ngoana oa hae na le se le lehakae sena se tla nolofatsa mosebetsi .
Rea leboha hotsoa ho Botsamaisi ba Sepetlele ka ofisi ea Likamano le sechaba.
Bakeng sa litlhalosetso le lipotso nomoro ena ea fumaneha ka nako tsohle ka mohala le ka wattsp ( 69439036)
Tsatsing lena ho bile le thupelo ea ho ruoa Linyonyobetsane e le emeng ea mehato o machaba aseng a enkile bakeng sa ho hlaisa manyolo a senang li chemical ho sebelisoa linyobetsane.Tseo lifepuoang ka mokhoa o bo bebo haholo feela o sebelisa lijo tseo re lilahlang mohlala makhapetla a meroho, lihoete,betroot letseling tse senang menko ho fepa le ho holisa leruo lena la hao.
Taba ena ke taba ea bohlokoa Basotho bakeng sa hofokotsa t'sebeliso ea manyolo a li chemical hobane ho fumanehile h**e tseling tsa tsona liqetella lifumaneha le ka hara lijo tse behang maphelo tlokotsing ea mafu haholo lefu lena la Mofet'se. Harenkeng khato re keneneleng morerong ona oa leruo la Linyonyobetsane bakeng sa bophelo bo botle.
Ka nako ena re bonang ho nale sefuba se sengata hare hopoleng litloaelo tse latelang.
1. Ho koahela molomo le linko hare khohlela le hare thimola
2. Ho hlapa matsoho hangata ka sesepa bonyane metsotsoana e mashome a mabeli
3. Ho sebelisa limonkoana haholo ha utloa o khohlela
4. Ho hloekisa libaka tseo re sebeletsang ho tsona, joalo ka li loko tsa mamati sena se thusana ho fokotsa menyetla ea hot'soaetsana ha bonolo.
Ka mehla ha re hopoleng nakong ea Covid-19 e re rutile mekhoa e mengata ea ho it'sereletsa joalo ka ho lula hae ha feela o sa ikutloi hantle kapo o bona o nale mat'soao a sefuba
Ha re qobeng libaka tseo ho khobokaneng haholo ke batho
Rea leboha hare ipaballeng Lilala le Basotho ka nako tsena tsa mahloa re qobeng ho tsamaea hara litsela tse mahloa lehloa lekotsi hare futhumaleng mahae re bese re baballe le bana baseka ba bapalla lehloeng.
04/06/2026
Litaba tsa lona ke tsena Basotho tse monate
Tsebiso!! Tsebiso
E le ho loant'sa litlamorao tse bosula nakong ea bokhachane,nakong ea pepo le nakong ea botsoetse ha ngoana a le ka tlase ho beke tse t'seletseng le ka letsetsa nomoro tse latelang tsa M- MAMA 80080011. Retla fumana thuso ea koloi ho tlisa mokhachane kapo motsoetse setsing.
Rea leboha
Tsebiso
Sepetlele sa Paray Mission Hospital se hlokometse keketseho ea palo ea bakuli ba tlang ngakeng ka matšoao a Sefuba se matla. Sefuba sena se amme batho bohle empa ba bangata haholo ke bana ba likolong tsa likonyana, Primary le li high school.
Ka hoo, re kopa sechaba ho nka mehato ea boitšireletso ho sireletsa bophelo ba bona le ba bang.
Ho fokotsa ho ata hoa sefuba sena, sechaba se eletsoa ho itsireletsa ka mekhoa e latelang:
✅ Ho hlapa matsoho khafetsa ka sesepa le metsi a phallang.
✅️ Ho roala semonkoana nako eohle ho fokotsa menyetla ea ho tsoaetsoa.
✅ Ho koahela molomo le nko ha u khohlela kapa u ethimola.
✅ Ho qoba ho atamelana haufi le batho ba se ntse ba tsoeroe ke sefuba.
✅ Etsa bonnete ba h**e matlo le likamore li na le moea o kenang hantle ka ho bula lifesetere nako boholo.
✅ Etela sitsi sa bophelo hang ha usa ikutloe hantle
Ha re sebelisaneng ha mmoho ho sireletsa malapa a rona, likolo, libaka tsa mosebetsi le sechaba ka kakaretso khahlanong le ho ata ha sefuba sena.
25/05/2026
Heroes’ Day 25th May 2026 🇱🇸
Today we remember the brave men and women who shaped Lesotho’s history.
At Paray Mission Hospital, we also celebrate the quiet heroes in our wards, clinics, and offices - the staff who work tirelessly to care for you and your loved ones.
Take a moment today to thank a healthcare worker you know. A simple “ke a leboha” goes a long way.
Happy Heroes’ Day to all Basotho.
Ke Mariha hoa bata; Joale re hlokomela bana ba Rona joang h**e ba seke ba cha.
Taba tsa tsatsing lena ka Ntate Nthole Nthole
Click here to claim your Sponsored Listing.
Category
Contact the practice
Telephone
Website
Address
P. O BOX 2
Thaba-Tseka
550