Lesotho Defence Force
Welcome to the LDF official face book page.Have you known us to be only formal and all tied-up?Well, this your chance to be amongst us on a social platform
09/06/2026
PHATLALATSO EA LITABA
1. Lefapha la Likhokahanyo tsa Sesole le Sechaba le leboha Sechaba sa Basotho ka kakaretso ka tšehetso ho Lesole la mosetsana Private Mafale eo ho bonahetseng a hlaha marangrang a hobosoa ke karolo engoe ea Sechaba.
2. Leha hole joalo ho latela mekhoa le meetlo ea Sesole, Bolaoli ba Sesole sa Lesotho bo fihletse qeto ea h**e limpho tsohle tse ntseng li fanoa ho Lesole lena li ke ke tsa amoheloa entse ele ho boloka tsamaiso, taolo le tšireletso ea Masole.
3. Tšehetso ea Sechaba e thetsitse lipelo tsa Bolaoli ba Sesole ka ha e bontša lerato ho Masole ka kakaretso. Khoboso ena ha e ea ama Lesole lena feela, e boetse e kenyelelitse lelapa, metsoalle, karolo engoe ea Sechaba ekasitana le Sesole ka kakaretso.
4. Lefapha la Likhokanyo tsa Sesole le Sechaba le etsa boipiletso ho bohle ba kenyang letsoho tlhekefetsong ea marangrang (Cyber Bullying) ho emisa ketso ena e malimabe kaha e ka lebisa ho thefuleheng hoa seriti le boitšepo ba lehlatsipa ekasitana le tahlehelo ea bophelo.
5. Re tla leboha tšebelisano mmoho le Sechaba, Khotso.
09/06/2026
TSEBISO EA LEFU
HO ETSOA TSEBISO EA LEFU LA NO. 6255 CORPORAL (Cpl) TIISETSO ERIC THAELE (RETIRED) EA HLOKAHALETSENG HA MAKHOATHI, MASERU, KA LA 23 MOTŠEANONG, 2026.
MOFU Cpl TIISETSO ERIC THAELE O NE A SEBETSA LEFAPHENG LA POLOKELO EA LIBETSA LA SESOLE SA LESOTHO (ORDNANCE UNIT).
MOFU Cpl TIISETSO ERIC THAELE O TLA BOLOKELOA HA MAKHOATHI, MASERU, KA LA 13 PHUPTJANE, 2026. HO TSEBISOA LIOFISIRI LE MASOLE, `OHLE A PHOMOLONG.
TSEBISO E ETSOA KE LEFAPHA LA LIKHOKAHANO TSA SESOLE LE SECHABA.
08/06/2026
Litho tsa Lebotho la Boraro (13 Infantry Battalion) la Sesole sa Lesotho tse emetseng Motebong oa Sesole Sekokoaneng, Qacha’s Nek, li fumane sethunya sa moetso oa .38 Special le likulo tse tharo (03), ho monna oa Mosotho ea lilemo li mashome a mararo le metso e tšeletseng (36) oa Ha Chabana, Qacha’s Nek ka la 18 Motšeanong 2026.
Letsatsing lona leo, Litho tsa Lebotho le tšoanang tse Motebong oa Sesole Ribaneng Mafeteng, li fumane sethunya sa moetso oa 9mm se hlakotsoe linomoro le likulo tse tšeletseng (06), ho monna oa Mosotho ea lilemo li mashome a mabeli le motso o le mong (21) oa Ribaneng ha Griffiths Mafeteng.
Ka la 1a 05 Phuptjane 2026, Litho tsa Lebotho lona leo tse Motebong oa Sesole Qacha’s Nek, li boetse tsa fumana sethunya sa moetso oa 9mm Norinco (NP 17), lehlaahlela le le leng (01) le kulo e le ’ngoe (01) ho monna oa Mosotho ea lilemo li mashome a mahlano (50) oa Mosafeleng, Ha ’Matapole Seterekeng seo.
08/06/2026
FRIDAY NEWS
LESOTHO DEFENCE FORCE RECRUIT COURSE INTAKE 41/25 PASSING-OUT CEREMONY 05 JUNE 2026 AT MAKOANYANE BARRACKS
Click here to claim your Sponsored Listing.
Category
Telephone
Website
Address
RATJOMOSE
Maseru
100