Expressions- Transformational Conversations
We engage in transformational conversations in areas like finances, careers, love and spirituality, often engaging experts.
We believe that change starts within. A renewed mind will propel a woman forward. We also aim to reactivate our femininity. ❤️
01/10/2026
U etsang ho fihlela litoro tsa hau?
30/09/2026
U E Batla Hakae?
Pele u lla ka lefats’e le khopo, ipotse potso ena: Ke e batla hakae? E ka ba khotso, katleho, bophelo bo botle, joalo joalo. Batho ba bangata ba batla ho atleha, empa ha ba na maikemisetso a ho etsa sehlabelo se ba isang moo. Katleho e qala ka h**e u be le nnete ea moo u teng le seo u se etsang mabapi le moo u eang.
Ana ke mats’oao a h**e ha u so batle seo u se batlang ho lekana: ho lula u fumana mabaka a ho se tsoelepele. Mona ke bolela moo u llang ka batsoali ba hau, mmuso, kapa lintho tse ling tse u sitisang. Ha ke bue sena ho nyenyefatsa liqholotso tsa hau. Ehlile ba bang ba rona moo re tsoang ho thata ebile re fetile lintho tse thata, hape ehlile re phela naheng eo ho seng bobebe. Empa ngoaneso, sebetsana le tseo u ka khonang ho li fetola, u tlohelle tse ling matsohong a Molimo.
Ha u batla ntho hantle, oa e lata, ho sa tsotellehe maemo.Tsatsing lena, ak’u ngole ntho e le nngoe e thata eo u tlamehang ho e etsa eo esaleng u re ‘ke tla…’ Mohlala: ho tsoha hoseng h**e u khone ho etsa ntho e eitseng, kapa ho robala bosiu u tsebe ho qeta ntho e itseng. E ka ba ho tsoa ka tlung u il’o rekisa, Kapa u il’o batla mosebetsi. Kapa ho letsetsa motho eane eo u batlang ho kopa ts’oarelo ho eena. Ha ke tsebe ke eng, feela e tsejoa ke uena. E ngole fats’e, u e etse bekeng ena.
🌸🤍🌸
30/09/2026
U e batla hakae? U tla bonts’a ka sehlabelo seo u tla se patala ho e fihlela.
🌸🤍🌸
29/09/2026
Haeba u batla ho phela bophelo ka botlalo, u sebakeng se nepahetseng. Expressions ke lelapa la bo mme Le Bo Ausi ba reng, ‘Re batla ho phela bophelo eseng feela ho hema.’ Re bo mme ba lelekisang litoro tsa rona, re lelekisa khotso le katleho le tsoelopele. Ha re batle ho phela feela tjena, empa re batla ho phela maphelo a re thabisang, a re khotsofatsang, a tletseng!
We chase our dreams, smash our goals, pursue things that make us happy! We are women who live meaningful, wholesome, happy and purposeful lives! If you’re not yet part of the family, follow this page! 🌸🤍🌸
28/09/2026
Ha re koaleng boithuto ba nchafalo ea kelello ka ho ikhopotsa h**e nchafalo ea kelello e nka nako e telele, likhoeli kapa lilemo empa ea khonahala. Batho ba bangata ba batla ntho tsa hang hang empa ha se kamehla re fumanang thuso ea hang-hang. Hopola h**e Tsela eo u nahanang ka eona e aheile ka lilemo, ho tloha u le monyane u ithuta tsela eo u shebang bophelo ka eona.
Ke u kopa h**e lintho tsena tseo ke tlo li ngola mona u li etse bonyane 6 months ebe joale u hetla morao. Kea u kopa moratuoa, e ba le mamello le tjantjello ea ho phahamisa bophelo ba hau.
U ka nchafatsa kelello ka ho:
1. Bala libuka tse u hahang.
2. Mamela kapa u shebelle mananeo a u hahang.
3. Khetha ho ba pela batho ba u etsang u tsoelepele.
4. Itumelle ho ea libakeng tse u bulang kelello.
5. Bua bophelo feela ha u bua ka uena.
Kea ts’epa ha 2026 e fela, re tla hetla morao re bone h**e re hatetse pele! Nna kea tseba h**e ke tla be ke le hole! 🌸🤍🌸
28/09/2026
Boloka pelo ea hau! 🌸🤍🌸
25/09/2026
U jala eng kelellong ea hau? 🌸🤍🌸
24/09/2026
Motho ea holetseng lelapeng la lintoa, o hloea ntoa empa o iphumana a le kahar’a eona, hoo ke seo kelello ea hae e se tsebang. Kelello e ts’oana le mochini, ha u penya ntho e eitseng ea e etsa, le ha u ka lla. Ke mokhona batho ba bang ba llang, ba rapelang feela ba iphumana ba ntse ba etsa ntho e itseng eo ba e hloileng.
Ho etsa bonnete ba h**e ho uena ho tsoa bophelo, itlatse ka bophelo. Bible e ere molomo o bua seo pelo e tletseng ka sona. Itloaetse ho ea libakeng tse bulang kelello ea hau. Eea li restauranteng kapa lihoteleng tse ntle, le tseo u li ts’abang. Ho ba libakeng tsena ho ruta boko ba hau lintho tse ncha, tse ntle ebe oa li labalabela. Ha u khona ho ea liofising Kapa libakeng tse bulang kelello ea hau, e ea teng. E ka ba kae Kapa kae. Ha u etsa joalo u fa boko ba hau exposure e leng h**e ka Sesotho, u bula boko ba hau.
Ruta boko ba hau lintho tse ncha ka ho ikisa libakeng tse ncha. Ka tsela eo, u nchafatsa le ho bula kelello ea hau!
24/09/2026
Hlokomela na u fepa kelello/ pelo ea hau eng hobane ke moo bophelo bo qalang teng. 🌸🤍🌸
23/09/2026
Re ntse re tsoelapele ka ho bua ka nchafalo ea kelello.
Re se re buile h**e menahano ea hau ke seporo. Moo e eang, bophelo ba hau bo ea teng. Joale hobaneng u nahana ka tsela ea u nahanang ka eona? Menahano ke liqhobosheane. Bible ea sekhooa e re ke ‘strongholds’. Ke ka hona hangata u nahanang ka tsela eo u nahanang ka eona le ha u sa batle. H**e e be u nahana joalo, ho nkile lilemo u ntse u lumela menahano eo. Ho tloha bonyaneng.
Mohlala: motho ea holetseng bofutsaneng, le ha a bo hloile, ha a tsebe ho nahana joaloka morui ntle le h**e a ithute ho lahla menahano ea bofutsana. Ke mokhona u tla bona motho a sebetsa ka thata, a hloile bofutsana feela a sesa kahara bona. Ka nako e nngoe ke hobane kelello ea hae ha e tsebe letho ntle le bofutsana. Le ha a bo hloile, kelello eona e tseba bona feela. Joale motho o fetola menahano ea hae joang? Ka ho itumella ho ithuta bophelong. Ho botsa batho ba tsebang le ho ba mamela. Ho bala le ho itlatsa ka lintho tse ahang. Ak’u shebe na u mamela le ho shebella eng? Na Lia u haha? Na li u thusa ho ba le kelello ea moo u batlang ho fihla teng?
Kelello ea nchafala. Sheba lintho tseo u li fepang kelello ea hau na Lia u holisa kapa Lia u tetebetsa.
Re tlo tsoelapele ho sheba mekhoa e meng ea ho nchafatsa kelello ea hau.
🌸🤍🌸
Click here to claim your Sponsored Listing.
Category
Website
Address
P. O. Box 2354 Pitso Ground
Maseru
102
Alerts
Be the first to know and let us send you an email when Expressions- Transformational Conversations posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.