ABC TV

ABC TV

Share

Lebitso: All Basotho Convention (ABC) / KOBO-TATA EA Basotho
Lepetjo: Sera sa motho ke tlala
Folakha: Mebala e meraro.

O Motala, Letsatsi le 'mala oa khauta le potiloeng ke mahlaseli a mafubelu

28/05/2026

Komiti ea Naha ea Bacha ea ABC KOBO-TATA EA BASOTHO e fetisetsa litumeliso tse mofuthu tsa letsatsi la tsoalo ho Mothehi oa Lekhotla DR. Motsoahae Thomas Thabane

Kajeno ha re keteke feela letsatsi la hao la tsoalo, re keteka hape pono e ileng ea tsoala lekhotla la lena. U thehile ABC KOBO-TATA ka nako eo bacha ba Basotho ba neng ba hloka sethala se buang le bona ka kotloloho, "Ha ho letho se molemong oa Bacha ka thoko ho bona”. U hahile sethala se emelang toka ho basali, se sireletsang puso ea molao, boikemelo ba makhotla, le molao oa motheo. Sebete seo se ntse se re tataisa le kajeno.

Rea u lakaletsa bophelo bo botle, matla, le khotso. Molimo a u boloke u phetse hantle, ubone litholoana tsa mosebetsi oa hao. E se eka bohlale ba hao bo ka re tataisa kamehla, re tsamae tseleng ea toka le khotso.

Happy Birthday, Lekhoakhoa la Selimo Nthole
U Nthole Mokopu le Maraka, ke imetsoe
Oabo lijo, oabo Moselane
Habo lijo ho hlabana lithotsela
Li hlabana le ba shoeleng marumong
Thotsela se hlooho-kholo, Tumane
Re bolela tseka mots'eo ho ntlo
Oa ma-Pohosela

La Chaabaa! 💥💥

Photos from ABC TV's post 28/05/2026

Komiti ea Naha ea Bacha ea Kobo-tata ea Basotho e ananela kahlolo ea Moahloli e Moholo Sakoane Sakoane nyeoeng ea masole a ileng a bolaea Lisebo Tang.

Kahlolo ena e ama litaba tse peli tsa bohlokoa tseo Sechaba se lulang se li bua:

1. Boikarabello ba liofisiri tsa mmuso – ha ho motho ea lokelang ho ba kaholimo ho molao, ho sa tsotelehe boemo ba hae.

2. Tšepo makhotleng – likahlolo tse hlakileng li thusa ho tsosolosa tumelo ea sechaba tsamaisong ea toka.

Ipalle polelo e feletseng ka tlase.

La Chaabaa 💥💥💥

27/05/2026

CONCERT!! CONCERT!! CONCERT!!

Tom Thabane CONCERT
Sebaka: Memorial Hall
Nako: 06:00 PM ho isa 06:00 AM
Letsatsi: 04 July, 2026
Makeno: M30

La Chaabaa 💥💥💥💥

Photos from ABC TV's post 25/05/2026

KOBO-TATA E TS'OAEA LETSATSI LA BAHALE KA KHAHO BOCHA EA NTLO KORO-KORO

E le karolo ea lenaneo le ntseng le tsoelapele la ho hopola, ho hlompha leho tlotla bathehi le Liqhoku tsa lekhotla, Lekhotla la ABC KOBO-TATA EA BASOTHO kajeno le tšoaea Letsatsi la BAHALE ka khaho bocha ea ntlo ea nkhono Maseru, Koro-Koro. (Re sa ts'oere lebitso la Nkhono ho fihlela ts'ebetso e phethetsoe)

Ts'ebetso ena e thakhotsoe ke Moetapele Nkaku Kabi kaho phethola lekoete. Sena ke boitlamo ba All Basotho Convention ho fetola litloaelo tsaho ts'oeea matsatsi ekang ana ka lipuo, empa ka liketso. Ho fapana le ho ts'oaea letsatsi lena ka ho beha meqhaka feela, ABC e khutlisetsa seriti le bolulo lelapeng la ea ileng a itella tokoloho ea Lesotho ho puso ea bo ralikoloni.

Khaho bocha ena ea ntlo e entsoe ka lithuso le khahlametso ea boetapele, litho tsa lekhotla, baithaopi ba ABC le litsebi tsa mesebetsi ea matsoho kahara Koro-Koro.

ABC KOBO-TATA EA BASOTHO e tla tsoelapele ka Lenaneo lena la ho hlompha, ho hopola leho tlotla liqhoku le bathehi ba Lekhotla ka mekhoa e fapaneng ea lithuso le limpho literekeng le Mabatooeng a fapaneng kaho ts'ehetsa mekhoa ea boipheliso sechabeng.

Khopolo keh**e hang ha ntlo e phethetsoe e tla neheloa ho lelapa ke Moetapele boteng ba Mothehi oa Lekhotla Dr. Thabane

La Chaabaa 💥💥💥💥💥💥

Photos from ABC TV's post 24/05/2026

THUPELO EA LIKOMITI TSA LEBATOOA LA ABIA #39

Komiti ea Lebatooa la Abia #39 e hlophisitse thupelo ea Likomiti mabapi le:

1. Molao Oa Motheo oa Lekhotla
2. Mesebetsi le boikarabelo ba litho tsa likomiti tsa Lebatooa

SEPHEO SA THUPELO:
Ho matlafatsa kutloisiso ea litho ka Molao oa Motheo mabapi le ts’ebetso ea likomiti, le ho netefatsa h**e setho ka ‘ngoe se tseba leho utloisisa karolo ea sona ho sebeletsa Lebatooa sa Abia.

La Chaabaaaaaa 💥💥💥💥💥

24/05/2026

MOPARAMENTE OA ABC O BUELLA BA NANG LE BOTHATA BA KELELLO

Moparamente oa Lekhotla la ABC KOBO-TATA EA BASOTHO Malelaka Lehohla-Malakane ka la 22/05/26 ntlong ea bakhethoa ba Sechaba (paramenteng) o kopile ‘muso h**e o nchafatse Sepetlele sa Mohlomi (psychatric Hospital) le ho theha setsi se thusang bohle ba nang le mafu a kelello. O itse bakuli ba lokela ho tšehetsoa leho hlomelloa ka litsebo tse fapaneng tsa mesebetsi ea matsoho nakong eo ba ntseng ba le kokelong.

O tsoetsepele ho ts'ehetsa ts'estinyo ea hae, moo a tobokelitseng ha mafu a kelello a ama mekhahlelo e fapaneng ea Sechaba ka lebaka la:
- Tlhokahalo ea mesebetsi
- Tšebeliso e mpe ea lithethefatsi
- Tlhekefetso ea ka malapeng
- Khatello ea maikutlo ho bacha ba imetsoeng ke mekoloto ea lefapha la lihlapiso (NMDS)

Ho ea ka liphuputso tsa (Mental Health Policy and Strategic Plan Launched 2024) ke Basotho ba 431000 ba tlalehoang ba phela le bothata ba khatello ea maikutlo ho kakaretso ea Basotho ba 2.2 million. Lekholong ke linoko tse balloang ho (20%) ea Basotho ba phelang le khatello ea maikutlo. ke 34. 85% ea basali ba bileng le khatello ea maikutlo kamora ho hlekefetsoa ke balekane ba bona.

Mohlomphehi Malakane o supile haho boetse ho sena lingaka tsa mafu a kelello litsing tsa bophelo Naha ka bophara eleng Se etsang h**e hosebe le thuto e pharaletseng ka bophelo Bo botle ba kelello.

Naha ea Lesotho ena le fela sepetlele Se le seng, eleng Mohlomi Hospital, se nang le khaello ea basebetsi empa Se imetsoe haholo ke bakuli. Khatello ea maikutlo ke engoe ea sesosa Se kaholimo-limo ho ipolaeng ha Basotho, ka lebaka Leo Naha ea Lesotho e ilthomme Pele lefats'eng ka Basotho ba ipolaeng (highest su***de rate globally)

La Chaabaaaaaa 💥💥💥💥💥💥💥

24/05/2026

Big shout out to my newest top fans! Leneya Sasa, Mantseli Florinah, Mashabutla Matelile, Polo Lerotholi, Tsheedy Mabele, Maitumeleng Masheane, Shallyno Shale, Aletta Ditshoanelo, Tummie Wa Mofokeng, Adeckoh Samuel Matli, Bulara Rantheba, Adelina Machapuoe Machapchap Mofihli, Bane Makha, Paul Shaka, Åsbo Ngè, Hopolang Tebeli, Mpolo Morotoli Ramokopu, Matlotliso Raphael Motsamai, Marelebohile Kojwana, Masekete Khophelo, Retselisitsoe Ramokoena

22/05/2026

MAKH'ANSELARA A LEKHOTLA LA ABC KOBO-TATA A TLOTLA MOTHEHI

Moifo oa Makh'anselara (6) a Lekhotla la ABC KOBO-TATA EA BASOTHO ho tsoa Mabatooeng a fapaneng a bokile likhomo lapeng ha Mothei oa Lekhotla kajeno e le karolo ea lenaneo le ntseng le tsoelapele la Lekhotla la ho hlompha, ho tlotla leho hopola bathehi le Liqhoku tsa ABC KOBO-TATA EA BASOTHO.

Ketelo ena e reretsoe ho hlophisa le Makh'anselara a lekhotla kaofela ho etela Mothehi Dr. Thabane, ho ea tlotla, ho hlompha ho ananela pono, boiphihlelo le boetapele ba hae le bo mphato oa hae lipolotiking tsa Lesotho kaho bathehela lekhotla la ABC KOBO-TATA EA BASOTHO.

Mothehi o amohetse Makh'anselara ana ka thabo, lerato le mofuthu, a ba khothaletsa ho lula ba sebetsa 'moho, ho nts'etsa pele Lekhotla la All Basotho Convention.

Lenaneho Lena la ABC KOBO-TATA EA BASOTHO la ho hlompha, ho tlotla leho hopola bathehi le liqhoku le tla tsoela pele ka ho etela liqhoku tse ling ho potoloha le naha libekeng tse tlang.

La Chaabaa 💥💥💥💥💥💥

Photos from ABC TV's post 19/05/2026

PITSO EA SEPOLESA LE BABOLLI | Maseru Rural | 10 Motšeanong 2026

Sepheo e ne e le ho bua ka litlolo tsa molao nakong eo mephato e tlang ho buloa.

Ha fuoa sebaka, Moetapele Nkaku Kabi o lebohile Sepolesa le Babolli ka pitso ea sepolesa kaho kopana ho bua ka litaba tsa lebollo. A supa ha Lebollo ele sekolo sa bona sa banna, e le motheo oa moetlo oa Basotho. Ha lebollo le senyeha, ba senyeheloa ke moetlo. O bonts'itse a khotsofetse ho bona h**e ho sa na le babolli ba bolokang moetlo ka seriti le ka boikarabelo ba rutang boitšoaro, boikarabello, le tlhompho.

Moetapele Kabi, o lebohile ACP Kholumo le sepolesa sa habo ka ho nka khato ea ho tla bua le bona ka kotloloho. A supa ha tlolo ea molao e etsahala mophatong, e le boikarabelo ba bohle ba amehang ho e tlaleha. A tsoelapele ho bonts'a ha molao le moetlo lisa lokele ho loantšana empa li tlameha ho sebetsa 'moho ho sireletsa bophelo le seriti sa e mong le e mong ea amehang. Hara litaba tsa hae o tobokelitse h**e haho motho ea nang le letsuka la litlolo tsa molao ea lokelang ho fuoa boikarabelo ba ho ruta bana ka moetlo. A bonts'a ba tlameha ho hloekisa mephato, h**e bana ba rutoe ke ba hloekileng ka boitšoaro.

O ferile litaba tsa hae ka ho kopa ts'ebelisano 'moho lipakeng tsa Sepolesa le Babolli, "Ke kopa Morena Molimo ho fa sepolesa le lona babolli matla a bohlale le sebete, h**e lebollo le khutlele tseleng ea lona ea ’nete. Tharollo ea moshoelella e tla ha re sebetsa 'moho, sechaba, moetlo, le molao."

Photos from ABC TV's post 18/05/2026

MOETAPELE O LEBOHELA MOKHA OA SECHABA SA BASOTHO

Kajeno lebitsong la boetapele ba ABC le litho tsohle tsa lekhotla la ABC KOBO-TATA EA Basotho, Moetapele Nkaku Kabi o fetisitse liteboho tse mofuthu ho mokha oa Sechaba sa Basotho BNP, Moetapele le boetapele ba eona bohle le litho tsohle kaho ts'oara likhetho ka katleho.

Oa lomo se thabelang mahlaseli o tsoetse pele ho lebohisa mokha oa Sechaba sa Basotho ka tsela eo likhetho tsa bona li tsamaileng, eleng ka khotso, ponaletso, bolokolohi le ka toka 'me a supa ha seo ele mohlala o motle ho mekha le makhotla a lipolotiki Lesotho.

Tau tona ea lekhotla la ABC ha buoa le ba atlehileng, o bonts'itse ha mosebetsi oa bona joale ele ho sebeletsa sechaba sa Basotho ka bots'epehi le mokha ka boikokobetso, ho bopa bo 'ngoe leho atamela bohle basa atlehang ho lula majoana.

Ha liqhobella, o supile ha ABC e ikemiselitse ho sebetsa le makhotla le mekha eohle kahara naha e behang khotso, lithahasello tsa sechaba le puso ea molao pele.

La Chabaaa 💥💥💥💥💥💥

Want your business to be the top-listed Media Company in Maseru?
Click here to claim your Sponsored Listing.

Category

Website

Address

Maseru