CRROA

CRROA

Share

CRROA - Crime Prevention Rehabilitation and Reintegration of Ex-Offenders Association

Photos from CRROA's post 12/06/2026

Media Briefing about "Khang ea 'Monna Dialogue" today at CRROA's offices

Come the 26th June 2026...✊✊✊

12/06/2026

Media briefing of Khang ea monna

12/06/2026
11/06/2026

Mosotho oa heso, kenya letsoho ho thusana Ka liphahlo, haholo tsa bontate.

Liphahlo tsena li tlo thusa bontate ba phelang litsing tsa tlhabollo haholo nakong ena ea Mariha...

Photos from CRROA's post 10/06/2026

Today; CRROA also held men's forum with Mafeteng Police at Thabana Morena Ha Leboto about Crime Prevention, Domestic violence and mental health.

Photos from CRROA's post 10/06/2026

KAJENO LINONYANA LI NE LI LULA BATHO HA CRROA, MVAL, MAQOQOLO LE MPEFA LI NE LI KETEKA KHOELI EA BOPHELO BO BOTLE BA KELELLO BA BANNA.

MOKETE ONA O BILE SETSING SA BAKULI BA MOTLOTLEHI (FORENSIC UNIT) KE HONA MONA MOO HO BILENG LE PUO TSE KHOTHATSANG LE LIMPHO TSE FANOANG E LE HO TS'EHETSA BO NTATE BA SETSI SENA KHOELING ENA EA BONA EA BOPHELO BO BOTLE BA KELELLO.

BONTATE NAKO EA MONNA KE NKU HA A LLE E FELETSOE KE NAKO. NTS'A MAIKUTLO O PHELE, NTS'A MAIKUTLO O FOLE.

Photos from CRROA's post 08/06/2026

Boitlhopho ke bo matla tokisetsong ea 'project' ea Khang EA monna.

Mosotho oa heso hopola h**e mekhatlo ena e mene; (CRROA, MVAL, MAQOQOLO & MPEFA) e tlo ts'oara taba ena.

Matsatsi ke a 18 Pele re qala lipuo tsena tsa banna "Men's Dialogue". Taba e ntse e le hona ho batla sesosa sa tlhekefetso le tlolo ea molao.

04/06/2026

'Moka oa ho arolelana litsebo ho Bats'oaruoa ba mehleng...

Haufinyana o tla thakholoa...

Photos from CRROA's post 29/05/2026

LESEA LA "CRROA" LE "MPEFA" LE NE LE TSOALOA KAJENO.

Kuruetso ke lesea le neng le tsoaloa(launch) kajeno. Lesea lena ke le hlokomelisang sechaba h**e ho thola "silence" ho lokela ho fela; bophelo bo botle ba kelello "mental health" bo lokela ho eloa hloko.

Ka lona lesea lena, mokhatlo ena e 'meli e tlo tsamaea likolong, likerekeng, makaleng, mosebetsing, likhoebong joalo-joalo, e be le li tafole "desks" tsa tlhabollo "psycho-social support", taba ena e tsebe ho fihla hohle moo sechaba se le teng.

Taba e kholo ke ho pholosa bophelo, le ho fokotsa lipalo-palo tse teng litsing tsa tlhabollo ea bats'oaruoa le tsa batho ba ipolaeang.

Lehlakore leo mekhatlo ena e tlo ts'oara taba ena ea "mental health" ka eona ke ea ho sheba sesosa "Root-Cause", eseng feela litla-morao.

Lekala la bophelo le bile teng ka lefapha la "mental health" le boemeli ba litsi le mekhatlo e 'maloa ka hara Naha hobane ruri Basotho ba heso, ntja-peli ha e hloloe ke sebata.

29/05/2026

Tseba basebeletsi ba hau mokhatlong oa bats'oaruoa ba mehleng CRROA.

Enoa ke ofisiri ea khutlisetso ea batsuoaruoa ba mehleng sechabeng, Ms Lineo Mosuoe.

O re mosebetsi oa ofisi ea habo ke:
1. Ho hokahanya mots'oaruoa le bao a ba utloisitseng bohloko.
2. Ho ba ruta ka mokhatlo le ho ba thusa h**e e be litho tsa ona.
3. ba thusa bats'oaruoa ba mehleng ka mekhoa e fapakaneng ea boipheliso.
4. ho ba hokahanya le likolo tsa mesebetsi ea matsoho.
5. ho ba hokahanya le litsi tsa bophelo ho ba lokelang ho ea ho tsona.
6. ho fana ka TLHABOLLO ea mahala-hala.

Lineo o re tlhabollo ke lelomolo ho bats'oaruoa bana ba mehleng ofising ea habo.

Want your organization to be the top-listed Non Profit Organization in Maseru?
Click here to claim your Sponsored Listing.

Telephone

Address


Ha Mafafa
Maseru

Opening Hours

Monday 09:00 - 15:30
Tuesday 09:00 - 15:30
Wednesday 09:00 - 15:30
Thursday 09:00 - 15:30
Friday 09:00 - 13:00