Mellow Farm
Its all about farming, without a farmer, there is no life
Ne rere hle leha re sa ntsane re kobile, ntse re baballetsoe ka mohau oa Molimo, ha litaba li ka tsamaea hantle re hopotse h**e khoeling ena re tle re etse Facebook LIVE video nke re tlo shebisana litaba tsa lichelete tsa polasing, h**e na o etsa phaello kapa ntso polela fats'e ( high level farm finances, are you making profit or loss ).
Oka siea lintlha tse ling tseo oka thahasellang re ke re li ame mohlang oo.
NB: ha re litsebi tsa lichelete le libuka empa holatela nakoana e re bileng ka hara ts'ebetso, rena le leselinyana leo re ka arolelanang ka lona mona le mana
Malume sechaba sa Thesele, ka mora likhoelinyana re nyametse; ne rere re nne re hooe malume hle. Hona le batho ba mona ba ratang ho nka moo ba sa behang kapa ba sa sebelletsang, joale ba ne ba re sothile noka le rona. Joale sena se ile sa re ama haholo eaba le litaba tsa polasi lia khina. Esale re ntse re nyeka maqeba ele h**e re tle re fole...
Joale ha se mara ha se ho fela, ho se hokae re tla khutla ka matla a maholo.
Melaetsa e re sitiloeng ho e araba, se ntse rere phepi hle.
03/07/2021
Lihloho tsa likolobe ke M100. Hloho + tlhakoana
Re fumaneha Maseru ha Thetsane Matamong. Call/WhatsApp 58025445.
02/07/2021
Nama kea kolobe. 10kg e tsoa fela ka M350. Kolobe enele lilemo li peli. Re fumaneha Maseru ha Thetsane Matamong. Call/WhatsApp 58025445
01/07/2021
Cross ea ea camborough le topigs ke tseo lihoai. Ke lits'ehali. Li 7 months. M3200 ele ngoe.. Re fumaneha Maseru ha Thetsane Matamong. Call/WhatsApp 58025445
Ake re phureng leshoetla tabeng ena lihoai tsa heso; tabeng tsena tsa mmaraka; re tlameha ho qala kae? Ka ho hlaisa haholo ebe reya mmarakeng? Kapa rea mmarakeng ebe ke hona re hlaisang haholo?
23/06/2021
Re ntse rele teng ho ofa nama e monate e bonojoana. Ea kolobe. Grade -A-
1 - 10kg = M65/kg
11 - 20kg = M60/kg
20 - 30kg = M55/kg
30 ho feta = M50/kg
Re leka ka tsela tsohle ho nanabetsa letsoho ele h**e o fumane nama ea boleng bo phahameng ka tsela tse amohelehang.
Re fumaneha Maseru ha Thetsane Matamong. Call/WhatsApp 58025445.
Reo nelehetsa ha o reka ka bongata
Ha Molimo a ratile; re tlo buoa ka liqholotso tse re kopaneng le tsona nakong ena ea cotiviti; khilik! Ho bile boima. Empa hee, joalo ka mehla, moo re cheleng; ha re batle le oena o tlo cha hape.
13/05/2021
Eish esale re nyamela; se ntse re ikokobetsa; empa hee taba kholo ke ena; nama ea kolobe ea fumaneha ka bongata. M35/500g le M65/kg.
Re leka ka tsela tsohle ho o hlophela nama ea hao ka tsela e makhethe hobane re tsotella boleng ba hao ole moreki. Ho ts'oana fela le nama ea rona; e bonojoana ha monate hobane re hlaba kolobe tse sa feteng khoeli tse ts'eletseng.
Reka haholo o fumane litheolelo
20kg ho feta = M60/kg
30kg ho feta = M55/kg
This are some of the factors that affect or determine the success or failure of a farm
- Genetics
- Animal health
- Nutrition
14/04/2021
Malinyane ane a matle a camborough a fumaneha ka Maseru ha Thetsane Matamong. Tlo iphumanele a hao esere a o fella
13/04/2021
Ha o kena leruong lena la likolobe joale eba o batla ho tla sebetsa ka ho tsoalisa; ka tsona linako tse ka reng tsena o tla tlameha otlo falimeha le tsoba bosiu ha li tsoala joalo ka ausy T1 (tag number). Empa hee kannete ausy o sebelitse hantle. Bana ba 16, 1 o hlaile a khathetse. Better pictures tommorow
Click here to claim your Sponsored Listing.
Contact the practice
Telephone
Website
Address
Maseru
100