LCCUL

LCCUL

Share

LCCUL KE NTLOKHOLO, MOKHATLO OA NAHA LE KOPANELO EA MEKHATLO EA LIPOLOKO LE LIKALIMO TSA LICHELETE NAHENG EA LESOTHO. O THEHOA KE LICREDIT UNION.

O THEILOE KA TS'USUMETSO EA MOLAO O NENG O LAOLA LIKOPORASI KA SELEMO SA HO THEHOA ELENG KHOHELETSO EA 1948.

06/09/2025

Labobeli lala 09.09.2025 office ea LCCUL etla be ele Mapoteng Credit Union, Liphokoaneng Credit Union le Masoeling Credit Union - lekalana la Lioli Credit Union. Sepheo entse ele ho tsosolosa moea ho mekhatlo eo ea Berea Chapter joalo ka ha Berea e tla be e keteka tsatsi la likoporasi ka la 25.09.2025.

08/08/2025

Kajeno la 08.08.2025 LCCUL office ene e etetse kerekeng ea Forward we go Ha Ts'iu ele khetlo la boraro moo sepheo eneng ele ho fana ka thupelo ho litho tsa kereke le ba motse.moo khubu eneng ele molemo oa credit union.

07/08/2025
07/08/2025

Ka sontaha sa la 03.08.2025, ofisi ea bongoli le ea bongoli ba boto le phethahatso ele ntsetsopele ea engoe ea liqeto tsa seboka sa 1975 eleng h**e LCCUL e ithute ho etela likereke ka mefuta, liofisi tsena li ile tsa etela kerekeng, ea Thaba_Bosiu Ha Mohalenyane ea Mme 'M'aneo. Moo har'a tse ling mothehi oa kereke a bontsitseng bohlokoa ba kamohelo ea baeti, moo a ileng a amohela, lengeloi a sa tsebe. Eaba le ofisi ea bongoli e leboha kereke ka kamohelo, eaba ea bontsa kereke ka lengolo la kamohelo ea baeti 📖 Lengolo la Baheberu 13:2 le reng:

“Le se ke la lebala ho amohela baeti, hobane ka ho etsa joalo, ba bang ba ile ba amohela mangeloi ba sa tsebe.”

Ofisi ha e bonts'a moelelo oa temana ena eare:
Temana ena e khothalletsa ho bontša boikokobetso le lerato ho ba bang, haholo-holo baeti. E re hopotsa h**e ho bontša mohau ho batho bao re sa ba tsebeng ho ka ba le liphello tse sa lebaleheng—joalo ka ha Abrahama le Lota ba ile ba amohela mangeloi ba sa tsebe.

Se ka ithutoang ho eona:
- Ho ba le boikutlo ba ho amohela ba bang ke karolo ea tumelo e phelang.
- Ha ho mohla re ka tsebang h**e na ketso e bonolo ea mohau e ka ba le tšusumetso e kae.
- E re hopotsa h**e Molimo o sebetsa ka litsela tse sa lebaleheng.

Ea boela ea bua ka ngolo la Nehemia 2:17
📖 Nehemia 2:17 e reng;

“Joale ka re ho bona, ‘Le bona bothata boo re leng ho bona: Jerusalema e lutse e senyehile, ’me mamati a eona a chesitsoe ka mollo. Tloong, a re haheleng lerako la Jerusalema, h**e re se ke ra hlabisang lihlong.’”

Ofisi eare moelelo oa temana ena ke h**e:
Nehemia o ne a fihlile Jerusalema ’me a bona ka mahlo a hae h**e toropo e senyehile haholo. Ka temana ena, o ne a bolella sechaba maikutlo a hae, a ba mema h**e ba kopanele ho aha lerako hape. O sebelisa poleloana “re” ho bontša h**e o ikopanya le bona—ha se taelo e tsoang holimo, empa ke pitso ea bonngoe le boikarabello. A kopa kereke ho thusa LCCUL le Thaba_Bosiu Credit Union ka mosebetsi o moholo oa ho tsosa licredit union tsa lesotho tse sentsoeng eaba ea bontsa h**e ho se ho ntse ho tsoeloa pele ka tsoso le tokiso ba etsetsoa mohlala ka tsebetso e entsoeng bekeng nchafatsong ea Mazenod Credit Union eleng ea tse ling licredit union tse theileng LCCUL.

Want your organization to be the top-listed Non Profit Organization in Maseru?
Click here to claim your Sponsored Listing.

Telephone

Website

Address


Old Europa Opposite SA High Commission
Maseru

Opening Hours

Monday 08:00 - 16:30
Tuesday 08:00 - 16:30
Wednesday 08:00 - 16:30
Thursday 08:00 - 16:30
Friday 08:00 - 16:30