Lesotho HIV Activists

Lesotho HIV Activists

Comments

Hobaneng self test esa etsoe ke bana ba 11 hoea tlase

Ke testile oaka a 3 years tsa hlaha ale negative ,ebe hase accurate sephetho seo?
To HIVis not the of the world is just that immune system is under the attack of virus so what we need to do is to get a right treatment for your body ad is done.
To be HIV is not the of the world is just that immune system is under the attack of virus so what we need to do is to get a right treatment for your body ad is done.
I am Man of 39 years ago but I am available to be an asset to this company which is Lesotho HIV Activities
Dumelang hle le ntshwarele ketlo ikopela feela mme kamona yeo ketlo mo rata a nrate ka kopo nna kena le thirty yena abe le thirty hoya ho thirty five
Ha sampa ra fuwa le haese ele R500 rona batho ba phelang le hiv nne re reke lijo tseo re tla noa litlhare re lijele
Please help me celebrate 4 years on medication with A SUPPRESSED viral load. Ha se ka bohlale. To those still in denial, i hope you find peace like i did. HIV did not stop me from pursuing my dreams. To gooooooooooddd life ๐Ÿฅ‚๐Ÿฅ‚
Ke kopa hobotsa hle Li CTX Nako ekae hle ke motsoetse wa khoeli lebeke tse tharo
Ke kopa hobatlisoa mosebetsi ke Leribe
Kebatla hotseba Na haonoa prep o ke enoa bophelo bohle
Ke kpa hobotsa nna nka thola motho moo wa ausy lilemong tse 23 t 30 asena ngwana jwalo kanna rebuwe inbox

Be free to ask anything about HIV/AIDS. We are group of youths living openly with HIV..๐Ÿ’Š๐Ÿฅ›๐Ÿ‡ฑ๐Ÿ‡ธ

25/02/2023

Ke kopa ho botsa naa ngwana aka hlaha ale possitive nna kele negative ntte wa hae ona mpatetse ke bona seke pepile

24/02/2023

Hello....
There was this time when i fell pregnant while i was still in varsity and i decided to end the pregnancy because motho oaka was so emotional, psychologically unavailable for and i was not ready at that since i was in my final year and in the middle of exams..so i came across this lady for consultation then cantacted her and set up the meeting that i was unable to attend hobane neke tlameha ho mover out moke lulang so ke khutlile late. The following day, my phone went off by being white mind you, the screens wouldn't respond at all for days and i told her that i have phone issues that's why nekesa khone ho texta ke joetse jore I'm canceling the whole thing.

She was fine i suppose but this other time someone told that this lady posted in some whatsapp about me stating that re bapalla businesseng tsa bona..i was surprised by how the whole professional health carer would go and disclose such sensitive info. Now she is blackmailing me to pay her and for what because she hasn't rendered any services to other than talking to her..
So kopa ho botsa nang elore there are women who go through same trauma like this one too and how they managed all these experience. Kea leboha

24/02/2023

Lumela mongaka
Ke kopa ho botsa na besides unprotected s*x le ho se nwe medication hantle keng eka bakang high viral load

23/02/2023

Kopa ho botsa na matshoao a hiv eka afe hona a hlaha ka mora nako ekae

23/02/2023

Halo๐Ÿ˜˜

Kopa o mpate hlek

I'm living with HIV,um 28yrs joale ke batla ho mpotsetse balateli ba leqephe lena,ba nyetsweng naa haba fihla bohadi ho etsetsahetse joang haba bolela boemo ba bona,le bau ma ha bo bona honang le lingoetsi tse sebedisang ARVs ba le ba ba nka joang

Kea leboha

23/02/2023

Morning ...

I saw a post ...um HIV positive so my neighbours together with their child's ...some a re my types .....they call me with names ...they told everyone that I have AIDs yes they call it aids ...they say they saw me going to the clinic with other child's ...and they saw us coming back ....

So that thing is not sitting me well because they told everyone so when walking alone in the street ......I meet people asking about my status ...the worst part ba bang hake batsebe .....

22/02/2023

Ntlhq ea tsamaiso

Hosane hotloa ka lq bone la li 23 Hoisa ka lq bohlano la 24

Nako hae le 09:00 am ho isa 17:00 tsela e sekeleng e nyane ya thabong ho ea lekgalaneng etla lokisoa mme bakgali ba kopuwa hosebelisa tsela ea mohala litoe le upthamae

22/02/2023

Ke 'me ea lilemo li 32 ea sebetsa ka naheng ea bohaelane.

Ke na le ngoana oa ngoanana ea lilemo le 17 eo kw bonang eka u sa qalile thobalano, ke cho joalo hoba ho na le matshoaho a mafu a likobo hoba joale nthoena e moqalile kgale o sa bile ana le mono o seng monate ka morao.

Kopa ho botsa nna ke moise clinic ebe ba mocheka mafu a likobo le HIV?

Le ka morao olatsoa li nama tsekang lihloba not hosetsw elengwe, kopa ho botsa nna kere ba e sehe kapa ho epoma?

22/02/2023

Hmm hale rate motho hale happy neh

22/02/2023

Hare buweng hee reka fokotsa unplanned and teenage pregnancy joang

22/02/2023

357 FM 10am-11am

Topic - teenage pregnancy

22/02/2023

Ka boikokobetso admin!!!!

Motho oa molimo hona le abuty emong a lung a comment post tsa hao joooo abuty eno ke snack shame jwale ke matha le photong tsa hae moo facibuk. Ke sitoa ho iphapanya.
Heleke kopa ho buoa nete o n turn on hampee fela....

Aaaaah hambaa post o lo fihlaa hoo abuty

22/02/2023

Lona ba re jesang bosiu le no re botse pele nang re batla ho jang

๐Ÿ˜ญ๐Ÿ˜ก

22/02/2023

Ts'omong ea maobane o ithutileng ๐Ÿ˜‚๐Ÿ˜‚

21/02/2023

Bare enere
Ele monna๐Ÿ‘จlebitso lahae ele Seeteetelane,, ,,monna enoa o ne ahula ka thata a robala naheng a phela ka ho tsoma ๐Ÿ๐Ÿ€ebe makoko ana a litali otla a roka aetse kobo. Kaleleng haailo tsoma athola ka๐Ÿฅšyaba ore ๐Ÿฅšlena ketla leja mohlang kesa tshoasang yaba kala hosane wa tsamaya alo tsoma.

Ha khutla abona mane ma phelang hosona le ntlo ha fihla a fumana 'me๐Ÿ‘ง yaba mme enoa o re ho ena Seeteetelane ke nna morali wa lehe๐Ÿฅšla mpshe empa leka mohla ole mong osekebe waba wa mpitsa morali wa lehe ๐Ÿฅš la mpshe yaba hee bophelo ba Seeteetelane bo fetohile ose a tshoana le banna babang.yaba hoseng mosali oya masimong ,, mantsibuwa afihla,, hosane hape aboela masimong mantsibuwa afihla

Hoseng a re Seeteetelane 'me otla fihla Mona omo noese joala yaba wa tsamaya ,,motsheare hoafihla hloho ya tali๐Ÿญyaba Seeteetelane oefa joala ya tsamaya ,,mosali ha fihla abotsa Seeteetelane 'me ola fihla? Seeteetelane eya. Mosali : wamofa joala? Seeteetelane : eya . Hosane hape mosali amo joetsa h**e mme otla fihla otlo mofe joala, yaha ha mosali atsamaya yaba Seeteetelane owa inoella joala ,, motsheare ๐Ÿญya fihla hape yakena monyako yaba Seeteetelane othotse oe shebile yaba entse tsamaya eya nkhong ya joala entse ere ( Seeteetelane nna tloho otlo nnoesa,,,, Seeteetelane nna tloho otlo nnoesa) yaba Seeteetelane othotse oe shebile yaba entseya pele entse ere (Seeteetelane nna tloho otlo nnoesa,, Seeteetelane nna tloho otlo nnoesa) hofihlelletse ehloa nkho ya joala eitse haefihla nkhong yare qomu ka nkhong yaba Seeteetelane o ema atatile afihla ae tshoara ka tsebe ae raha ae betsetsa monyako mane yaba eya itlhotlhora haqeta eya tsamaya

Mantsibuwa hee mosali afihla afumana monna ๐Ÿ‘จ abo jele haholo ,, abotsa Seeteetelane mme ola fihla ? Seeteetelane are eya . Mosali abotsa hape wa mofa joala ? Seeteetelane : (ka bohale) hewena sheba Mona hakefe hloho tsa litali joala. Mosali : Seeteetelane o timme mme joala?

Seeteetelane : (a hale file hofeta )hewena morali wa lehe ๐Ÿฅš la mpshe kere hakenoe joala le hlowana tsa litali mosali : Seeteetelane keitseng ho wena? Seeteetelane : o morali wa lehe ๐Ÿฅš la mpshe wena . Yaba bosiu Seeteetelane osa otloa a hatsetse hare hlasi abona linaleli aba hopola h**e Hana kela kare morali wa lehe ๐Ÿฅš la mpshe . Yaba esele ha khutletse bophelong ba hae ba pele

Ke tshomo ka mathetho

21/02/2023

Bare eneere

21/02/2023

Baratuoa ke kopa le nthuse ho fumana motsoali kapa mohlokomeli eo ngoana hae a ileng a fumana tsoaetso ale moholo mme amobolella, ebe motho yaka khonang ho buoa radio.

A tlo buoa h**e litholotso ebile lifeng oile a Ikutloa joang ha utloa ngoana a mojoetsa o phela le HIV fela hahae gone hosena motho ea phelang le yona, abuoe na oile Anka nako ekae ho amohela ngoana kapa why asitile ho moamohela haeba asa moamohela

20/02/2023

HO BACHA BA HIV POSITIVE

Mona ke buoa le bacha ba tlaase lilemo ke ea tseba most of you e itse ha le fumana h**e lena le HIV la nahana ho ipolaea hoba le nahana h**e ha lena thuso

Don't be ashemed abut your HIV status noaha litlhare tsa hao hantle e phethe litaelo tsa ngaka tlohella ho nyahamisoa ke batho motho ke ntho e sa khotsofaleng

Oena eba proud h**e o tseba boemo ba Hao joalo ka bo Malome Skipper, Vho-Aunty Botee, le babang ba ba ngata, so babang ba bacha ha ba tsebe le li status tsa bona but ba busy ba hobosa batho ba phela le (HIV) sometimes motho o buoa joalo a soma babang a sa tsebe status athe le Ena eteng empa eso motsokotse.

Guys plz don't discriminate people living with HIV e ntse ele batho joalo ka lona

20/02/2023

Aoo banna ngoanaka

HIV-ENE E LE KOKO KHALE ESENG MORAO TJENA!

...UTLOA NA MOCHA ENOA O RENG KA BOEMO BA HAE!

Ls News 05 January 2022

Ka lebitso ke Rakhants'a Lehloibi ke tloaelehile ka la Malome Skipper ke lula Ha-Leqele Maseru. Ke mocha ea lilemo li mashome a mabeli ea phelang le kokoana hloka ea HIV, ebile kesa ts'abise boemo baka. Joale matsatsi a hofeta ka la leshome le motso e mehlano Ts'itoe selemo se fitileng, Ke ile ka ngola letlapeng laka la marang-rang a Facebook h**e ke etsa Tlholisano moo teng ke itseng moikutloa pelo ea tla nkhopotsa ho Noa litlhare tsaka ka hora ea bots'elela thapama ho tloha ka lona letsatsi leo ho fihlela ka la mashome a mararo a motso o mong Ts'itoe.

Ketlo moabela chelete e kalo ka Lekholo la liponto. Sena hase hobane kele chelete e ngata empa kene ke hlahloba likelello tsa Basotho hase hobane ke hlile ke lebala nako eaka ea ho noa litlhare, chee sena ke se e ntse h**e ke bone na ke lipalo tse kae tsa Batho ba ka noang litlhare hantle kapa ho hopotsa ba amanni mmoho le bona, Joalo ka haele nako ea menate bohle re ferekanetse monate oa keresemese. Joale Tlholisano ena ke entse h**e ke bone h**e na ke ba ba kae ba ka hopolang nako ea bona ea litlhare Ha ho ka etsahala h**e babe le bukulo bo batlamang h**e a noe litlhare ka mehla .

Joale ea pele ke h**e ke hlokometse h**e Tlholisanong ena enele mofuta o mots'ehali fela ono ikakhetse ka setotsoana. Athe haele mofuta o motona haho le ea mong ea ileng a ikamahanya. Taba ena efitisitse molaetsa o moholo ho nna kele Mohlankana ea phelang le HIV h**e Bontate le Bahlankana hare tla tabeng tsa Bophelo bohle ha bana thahasello hohang empa e nthabisitseng e ka sehlohong ke h**e ke bone boholo e nele bacha ba ne ba kenetse Tlholisano ena. Ka letsohong le leng le thabisitsoe ke ho utloa ba bang ba bacha ba kentseng tlholisano ena empa ba sa phomella ho hapa sekoebo ba ithaopa ho nkhopotsa mahala le ha Tlholisano ese efelile. Joale ke le mocha ea phelang le HIV ke khothetse haholo ka ts'ehetso ena e nruta h**e thuto e ntse kena hanyane ka hanyane sechabeng.

Empa hake khotsofale ke tsela eo Bontate ba re sa ikamahanyeng ka teng mabapi le bophelo lo bo botle le ho tseba maemo a rona a bophelo. Joale mocha e noa ea hapileng Lekholo la liponto ke mocha ea lilemo li mahareng oa moroetsana ke motho ea na lula a nhlopha a mpotsa lipotso ka eona kokoana hloko ea HIV me ka hona ke ikotla sefuba ka h**e ke bona ele mocha ea nang le tsotelle. Ke ile ka monyanya leleme ho utloa na o ikutloa joang haele mona a hapile chelete ena, me a libeha chena " ruri Ke ikutloa ke thabile haholo Ka ho hapa Tlholisano ena honose bobebe ho nna hoba ke ne kesa tloale h**e e be kena nako eo ke behang h**e letsatsi le leng le le leng hona le ntho eo ikhethileng eo ke lokelang ho e etsa. Liqholotso ke tsa h**e ke ile katla meha ho tloha Maseru mona ke lebe haeso moholo habo mme oaka moo teng hosenang motlakase h**e fono fono eaka e lule ena le matla. Joale ka nako tseling hae timme ke neke lokela h**e ke lule ke khathatsa Batho ba haufi le nna h**e na hora ea bots'elela hae so atamele, ebe hae atamela ketla kalima fono fono tsa bona ke romela molaetsa kapa ke letse ho hopotsa ha eba bana le metsotso.

Ke ithutile h**e ha motho ke le motho nka etsa tsohle ha ke itjoetsitse Hape ka ithuta h**e ha ho ka etsahala ka tla meha ho lula ke noa litlhare nka lits'epahalla joalo ka hake ts'epahetse le ka letsatsi la keresemese joale teng kene kese hae empa ke ile ka hopola ka hona ke ea o leboha ka ho chencha bophelo baka h**e ke elelloe h**e bophelong mona tsohle nka lietsa ke tlilo qala selemo sena se secha ka mafolo folo le morolo ohle".

Le nna kele ke ikutloa matla ke kutloa h**e ketlo etsa phetoho ekholo naheng ena ea heso ha lilemo lintse li loeana ha kere ho bohle likhomo Maapara kobo a matle.

20/02/2023

Lumela ngoaneso
Ke ausi ea lilemo li32,um HIV+ ke kopa ho batlisoa motho ebe abuti ea 35-45yrs,ebe motho a kileng a ba ka hara lenyalo hoba le nna nkile kaba ka hare ho lona kena le ngoana a le mong

20/02/2023

Kajeno ho hola emong oa balateli ba rona Dilarah Fikrat Faruk happy birthday khaitseli

20/02/2023

Kele joetse ke lerata Horee wee hoja leya tseba hlengโค๏ธโค๏ธ

20/02/2023

Baratuoa baka wee ๐Ÿ˜‹๐Ÿ˜

20/02/2023

Ke kopa o mpostele o babotse Nah nka sebelisa li herbs Kele HIV+ ...ke batla ho qala business ya tsona joale ke batla nne ke noe le nna

20/02/2023

Hy Admin um hiv positive ke dula TY um 25 years kopa ompatlele motho a HIV positive 30 -37 alaka nyala bophelong anang le bana atlo n ratela le bana baka le nna ke moratelle le bana ba hae asa betsa kapo asa sebetse kena le bana ba beli ke hloka motho a Cruz eseng atlo bapala โ™ฅ๏ธkea leboha

20/02/2023

I'm 27 years from maseru and ke kena skolo in one of the institutes and I'm looking for a lady who can love me with unconditional love ๐Ÿ˜๐Ÿฅฐ๐Ÿฅฐ๐Ÿฅฐ๐Ÿฅฐ๐Ÿฅฐ๐Ÿ˜๐Ÿ˜๐Ÿ˜

20/02/2023

Lumela mohlomphi kopa thuso h**e na ha masapo ale bohloko e bakoa keng le h**e na nka thuso ke moriana o feng o ka lumellanang le ARV

20/02/2023

Morning sweetie...
Ke ausy a 27 year,am on meds ya bophelo bohle I need a boyfriend esentse e sebelisa litlhare bra,ene a litshepahallang..ene abuti a neat haha cz ka hlapa๐Ÿ˜‚ nna,ebe abuti aparang smart,a hustler,coz nna ka hustler I don't work,hakena ngwana,but I can survive...ke rekisa liphahlo secondhands for living,ebe motho anang le honesty please..

20/02/2023

Ako mpatlele mme ya + eo re tlo tlosana bodutu le ena plz ๐Ÿ™๐Ÿ™
Age 35 to 40

19/02/2023

Hy admin
Mokhotsi waka ya phelang le HIV ompotsitse h**e Na motho ya HIV positive aka sebetsa bopoleseng ,,,,

Jwale ka nnete nna haketsebe ..Yes am HIV positive but haketsebe .

Kekopa ompotsetse ho balateli bahao

19/02/2023

Ke kopa u potsetse hobalateli Bahau moo
Ke qalile honwa ARV last year khoeli ya bo8 jwale ke bona mahlong ke chenchile Kele makhopo
Le mafora amangata nako yohle ke Lula ke ipenya nkong mona hotswa mafora
Jwale ebe ke tsona

19/02/2023

Kena le motho hareso etse thobalano hohang wanrata ho morero wahae eleng ho nnyala kena lengoana bt haana stress kopa hobootsa mokhoa o nepahetseng keofeng o nkamojoetsang h**e kenoa lithlare tsa bophelo bohle
Ebe nka Qala kae ho mojoetsa

19/02/2023

Hy admin
Mokhotsi waka ya phelang le HIV ompotsitse h**e Na motho ya HIV positive aka sebetsa bopoleseng ,,,,

Jwale ka nnete nna haketsebe ..Yes am HIV positive but haketsebe .

Kekopa ompotsetse ho balateli bahao

19/02/2023

Ke kopa thuso ke jola le motho ea HIV positive ebe nka etsang h**e a bone keya motshehetsa nna nka etsang ho itshereletsa

19/02/2023

Hare utloe hee qotsa temana hotsoa ka bebeleng eo e dulang e ofa matla

Kebatla ho bona bahetene๐Ÿ˜‚๐Ÿ˜‚๐Ÿ˜‚

19/02/2023

๐Ÿ˜‚๐Ÿ˜‚๐Ÿ˜‚Ache lona hee hare lokiseng taba Ena ea lona ea h**e lere le batla Batho ba tshabang Molimo like hona le ba motellang aaa akga man soka leya mpolaya

19/02/2023

Hlalosa na obatla ho ratana le motho ea joang then motho Ea tla utloa o mohlalositse otla kena inbox bt eseng nna please

20/01/2023

Noha leha e kaba nyenyane, ha e kena ka tlung mosali Oa lla... Ea salleng tsebe khale a libona

Videos (show all)

Ngobetsanang pele Lekena thobolanong
Mookameli oa Ntlafatso Foundation
My 6๐Ÿ•• O'clock game๐Ÿ’Š๐Ÿฅ›๐Ÿ’ฏ
Monate wa hoba HIV positive ๐Ÿ’Š ๐Ÿฅ›
#LesothoHIVActivists ๐Ÿ’Š ๐Ÿฅ› ๐Ÿ‡ฑ๐Ÿ‡ธ
Ke Friday ๐Ÿ’ƒ๐Ÿ•บ

Category

Telephone

Website

Address


Ha Leqele
Maseru
2001
Other Medical & Health in Maseru (show all)
Dr Lumisi arbortion clinic Dr Lumisi arbortion clinic
Maseru
Maseru

Pain free arbortion App me at 63331086

Marethabile abortion clinic Marethabile abortion clinic
Po Box 15263
Maseru

Doctor  Lesedi herbalist Doctor Lesedi herbalist
Lithabang P. O BOX 4417
Maseru

Nature's Might Nature's Might
Maseru, 100

It's ou duty to take care of the bodies God has given us.

Nacosec Nacosec
Corner Pioneer Road And Pope John Paul Road
Maseru, 100

Lesotho Government's Covid-19 Response Task Force

Seed consultancy Seed consultancy
Maseru , Speedy Complex Second Floor Room 25
Maseru, 100

We offer therapy to children , families, married couples and individuals

Tee Ya Basadi Lesotho & SA Tee Ya Basadi Lesotho & SA
Available In Both Lesotho And South Africa
Maseru, 100

https://chat.whatsapp.com/Hukt9C4HC1m12OL58yf4hv TEE YA BASADI e thusa bo mme le banana mathateng ohl

Family Health Clinic & Pharmaceuticals Family Health Clinic & Pharmaceuticals
Thetsane Office Park
Maseru, 100

Clinical and Pharmaceutical services including outpatient consultations, imaging & medications.

Daemane Nyokana Daemane Nyokana
Maseru
Maseru, 100

LAVITA NEW LIFE

Adlyn Healthcare Adlyn Healthcare
Near Morena's Residence Ha Mabote
Maseru

Adlyn Healthcare is a medical company that supplies healthcare facilities with medical,laboratory ,d