Disaster Management Authority - Lesotho"
A public Office established in terms of the Disaster Management Act no 2 of 1997. It is a unique national entity under The Prime Minister's office.
12/06/2026
Tlhokomeliso! Tlhokomeliso!
08/06/2026
Komiti ea (Lesotho Vulnerability Assessment Committee - LVAC) e se e qalile ts'ebetso ea ho sekaseka lintlha tsa Tlhahlobo le Tlhatlhobo ea Bofokoli ea selemo sa 2026 (Vulnerability Assessment and Analysis - VAA), kamora ho phethoa ka katleho ha pokello ea lintlha naheng ka bophara e neng e hokahantsoe ke Lefapha la Thibelo le Taolo ea Likoluoa (Disaster Management Authority - DMA).
Tlhahlobo ena ke mosebetsi o kopanyang mafapha a fapaneng, o reretsoeng ho lekola boemo ba polokeho ea lijo le phepo e nepahetseng, mekhoa ea boipheliso le bofokoli boo malapa a tobaneng le bona naheng ka bophara.
Ts'ebetso ea tlhahlobo e kopanya lintlha tse tsoang mafapheng a fapaneng a kang temo, bophelo bo botle, phepo, metsi, ts'ireletso ea sechaba le taolo ea likoluoa, e le ho fana ka tlhaiso-leseling e nepahetseng e tla tataisa merero le liqeto tsa mmuso le balekane ba nts'etsopele.
Liphetho tsa tlhahlobo ena li tla thusa ho rala le ho kenya tšebetsong mananeo a loketseng a reretsoeng ho matlafatsa polokeho ea lijo, ho aha boits'ireletso ba sechaba khahlanong le likoluoa le ho tšehetsa malapa a tlokotsing Lesotho ka bophara.
Hopola Thibelo Ie Taolo ea Likoluoa ke boikarebello ba rona bohle
07/06/2026
Ka la 06/06/2026, DDMT ka boemeli ba DMA, Lesotho Red Cross Society, Lefapha la Bophelo le World Vision Lesotho li atlehile ho pholosa balisana ba bahlano (5) ba lilemo li 23 (2), 27, 43 le 49, ba neng ba qabeletsoe Mokhomong, Lihlabeng tsa Matsoku, ka lebaka la lehloa le matla.
Balisana bao ba tsoa metseng e latelang:
Likomeng – ba babeli (2)
Makhoatsing – ba babeli (2)
Maroeseng – a le mong (1)
Ka mor'a pholoso, kaofela ba ile ba isoa Sepetleleng sa Mokhotlong bakeng sa tlhokomelo.
Lefapha le leboha bohle ba nkileng karolo ts'ebetsong ena ea pholoso ka boitelo le tšebelisano-'moho ea bona.
Ho bohlokoa h**e sechaba sohle se ele hloko litlhokomeliso tsa boemo ba leholimo le ho latela litaelo tsa ba boholong e le ho qoba likotsi le mathata a ka bakoang ke maemo a mabe a leholimo.
Hopola Thibelo le Taolo ea Likoluoa ke boikarabello ba rona bohle.
Lefapha la Thibelo le Taolo ea Likoluoa le tsebisa sechaba h**e tsela e tlohang Mokhotlong e lebang mabalane e se e butsoe.
Leha ho le joalo, Lefapha le hlokomelisa sechaba ho qoba maeto a meso le bosiu, kaha tsela e ntse e thella ka lebaka la qhoaqhoane.
Bakhanni le basebelisi bohle ba tsela ba khothaletsoa ho khanna ka hloko le ho latela litaelo tsa polokeho.
Hopola Thibelo le Taolo ea Likoluoa ke boikarabello ba rona bohle.
05/06/2026
Sehlopha sa Thibelo le Taolo ea Likoluoa Seterekeng sa Mokhotlong (DDMT) se ile sa tšoareloa workshop ea matsatsi a mararo mabapi le Phokotso ea Kotsi ea Likoluoa (Disaster Risk Reduction - DRR) ho tloha ka la 02 ho isa la 04 Phuptjane 2026 Tšabi Guest House, Mokhotlong.
Workshop ena e ile ea tšoaroa ka tšehetso ea World Vision Lesotho, ka sepheo sa ho matlafatsa bokhoni ba litho tsa DDMT mabapi le thibelo, boitokisetso le phokotso ea likotsi tse bakoang ke likoluoa.
Barupeluoa ba ile ba fumana koetliso le tsebo e mabapi le mekhoa ea ho khetholla likotsi, ho rala maano a phokotso ea likoluoa le ho matlafatsa tšebelisano-'moho har'a ba amehang taolong ea likoluoa.
Koetliso ena e lebelletsoe ho thusa ho matlafatsa boitokisetso le bokhoni ba setereke sa Mokhotlong ho arabela le ho fokotsa litlamorao tsa likoluoa sechabeng.
Hopola Thibelo le Taolo ea Likoluoa ke boikarabello ba rona bohle.
05/06/2026
Lefapha la Thibelo le Taolo ea Likoluoa le tsebisa sechaba ka kakaretso h**e tsela ea A4 pakeng tsa Qacha's Nek le Quthing e se e buletsoe sephethephethe sa mefuta eohle ea likoloi.
Leha ho le joalo, sechaba se eletsoa ho nka mehato eohle ea tlhokomelo ha se sebelisa tsela ena, haholo-holo ho qoba maeto a sa hlokahaleng bosiu kapa mesong, kaha maemo a leholimo a ka etsa h**e serame se thelle.
Hopola Thibelo le Taolo ea Likoluoa ke boikarabello ba rona bohle.
Lefapha la Thibelo le Taolo ea Likoluoa le tsebisa sechaba h**e tsela ea Thaba-Tseka e lebang Maseru e se e buletsoe sephethephethe.
Leha ho le joalo, Lefapha le etsa boipiletso ho bakhanni ba likoloi tse nyane h**e ba qobe maeto ao e seng a bohlokoa ka lebaka la maemo a teng litseleng.
Sechaba se boela se
hlokomelisoa h**e tsela e ka thella haholo ka lebaka qhoaqhoane, kahoo bakhanni ba eletsoa ho khanna ka hloko le ho latela melao eohle ea polokeho tseleng.
Hopola Thibelo le Taolo ea Likoluoa ke boikarabello ba rona bohle.
Lefapha la Thibelo le Taolo ea Likoluoa le hlokomelisa sechaba h**e leha letsatsi le chabile, boholo ba litsela tse neng li sa tsamaee li ntse li koetsoe ke lehloa le ntseng le le teng, ka hona, sechaba se eletsoa ho ela hloko maemo ana le ho nka mehato e hlokahalang ea boitšireletso e le ho qoba likotsi le litlokotsi tse ka bakoang ke maemo a teng.
Bakhanni ba likoloi ba koptjoa ho ho qoba ho sebelisa litsela tse kotsi kapa tse koetsoeng. Sechaba se boetse se khothaletsoa ho latela litaelo le litsebiso tse fanoang.
Hopola Thibelo le Taolo ea Likoluoa ke boikarabello ba rona bohle
04/06/2026
Tlhokomeliso! Tlhokomeliso!
MAEMO A LITSELA KA MALOTING
Sechaba le basebelisi ba tsela ba hlokomelisoa h**e lehloa le ntse le tsoelapele ho khetheha ka maloting, ‘me maemo a litsela ke a latelang:-
Click here to claim your Sponsored Listing.
Telephone
Website
Address
Opening Hours
| Monday | 08:00 - 16:30 |
| Tuesday | 08:00 - 16:30 |
| Wednesday | 08:00 - 16:30 |
| Thursday | 08:00 - 16:30 |
| Friday | 08:00 - 16:29 |