Basotho Action Party - BAP
Social Democracy 🇦🇲
Rule of Law, Good Governance, and Equitable Economy
10/06/2026
BAP hantle ha e etsa maano, e ne sa sheba fela ho hlola likhetho, empa e entse boithuto bannete ba h**e na naha ena le Basotho ka kakaretso ba ka tsoa bofumeng le tlhokahalo ea mesebetsi joang.
BAP liphuputsong tsa eona, e ile ea fumana h**e thuto ea rona e tlameha e hlahisa ntho tse tṣ̌oarehang, h**e mesebetsi e hlahe, naha e be le lihlahisoa tse arabelang mebaraka ea Lesotho le kantle.
Ke ka hoo BAP e tlileng ka maano ana 👇👇
09/06/2026
Polelo ea Lekhotla la bacha la BAP mabapi le boiphapanyo ba muso ka mora ho phatlalatsa Tlhokahalo ea Mesebetsi ele Koluoa.
BAP YL e supa ese ele selemo joale mmuso o phatlalalitse tlhokahalo ea Mesebetsi ele Koluoa. Bacha ba supa h**e toants'o ena ene e reretsoe lilemo fela tse peli, empa re feta selemo joale mmuso esale o phatlalatsa hao qeta o ichebela koana.
1. Molao o supa h**e hang ha Koluoa e qeta ho phatlalatsoa, ho lokela hobe le moralo oa Naha, empa re feta selemo joalo ho thotse tuu.
2. Ho lokela hobe le Task force eleng team e bopiloeng ka litho tsa lekhotla la matona, ebe team eno ke eona e sebetsang ho Kenya meralo ts'ebetsong le ba amehang (stakeholder) empa re bua tjena team e joalo eso hlahelle le sechabeng
3. Molao o supa h**e letona la lichelete le lokela ebe le thehile letlole la disaster management fund, re bua tjena ho sena letho le joalo.
Tse ngata o tla ipalla polelong ena.
09/06/2026
BOTHATA HA SE HO NGOLISA LIKHOEBO
Ae! Bothata ke ho hloka chelete ea ho qala likhoebo ho bacha.
Puso ena eo re leng ho eona, mohla khiro ea masole e senotseng koluoa ea tlhokahalo ea mesebetsi, tonakholo o na re tharollo ke ho re bacha ba ngolise likhoebo mahala. Hona e ne le ho phoqa bacha bana ba mo khethileng.
Motho ea sa ntse a se na chelete ea ho palama a ilo ngolisa khoebo, chelete ea ho qala khoebo o e nka kae?
BAP esale e thehoa, le pele re fihla mona, e e eme h**e, ho theha letlole leo bacha ba tla khona ho khahlametsoa ka lichelete tsa ho qala likhoebo, ke eona pheko.
BAP ka maano akang ana le boitjaro, 'moho le temo e hlahisang mesebetsi, ke ona fela mokha oo ka 2028 o tlisetsang Basotho tharollo ea 'nete ea mathata a tlhokahalo ea mesebetsi ho bacha.
08/06/2026
Ha re emele ho ba pusong ho kenya maano a kang ana tṣ̌ebetsong. Basotho ba hloka thupelo e matla h**e ba tsebe ho hlahisa.
04/06/2026
[BAP LEADER Prof. Nqosa Mahao O LI BONA TJENA: KAO MINE RETRENCHMENT]
Phatlalatso ea h**e Kao Mine e tla emisa tšebetso ea eona ka nako e itseng e lokela ho tšoenya Mosotho e mong le e mong.
Eseng ka lebaka la lipolotiki.
Empa ka lebaka la batho.
Ka mora mosebetsi e mong le e mong ho na le lelapa.
Ka mora moputso o mong le o mong ho na le litefello tsa sekolo.
Ka mora mosebetsi e mong le e mong ho na le lelapa le itšetlehileng ka chelete eo.
Litlaleho li bontša h**e basebetsi ba fetang 750 ba tla angoa ke qeto ea Kao Mine ea ho kena boemong bona, ka lebaka la ho phahama ha litšenyehelo tsa tšebetso le mathata a tobaneng le industry ea litaemane lefatšeng ka bophara.
Karabo e bonolo ke ho batla motho eo re ka mo behang molato.
Empa karabo e thata, ebile e molemo haholoanyane, ke ho ipotsa h**e na ketsahalo ena e re ruta eng ka moruo oa rona.
Ka nako e telele haholo, Lesotho e itšetlehile ka makala a fokolang a moruo ho jara moroalo o moholo haholo.
Ha morafo o ba le mathata, sechaba sohle sea ameha.
Ha feme e koaloa, malapa a likete a ameha.
Ha lekala le le leng la moruo le fokola, naha eohle e ba kotsing.
Ke ka lebaka leo ho leng bohlokoa h**e Lesotho le atolose metheo ea moruo oa eona.
Ke ka lebaka leo temo e leng bohlokoa.
Ke ka lebaka leo tlhahiso le lifeme li leng bohlokoa.
Ke ka lebaka leo ho tšehetsa borakhoebo ba Basotho ho leng bohlokoa.
Ke ka lebaka leo ntšetsopele ea litsebo e leng bohlokoa.
Naha e tiileng ha e itšetlehe ka lekala le le leng feela la moruo.
E haha metheo e mengata ea kholo le ntšetsopele.
Basotho Action Party e lumela h**e 'muso o tlameha ho theha tikoloho e lumellang likhoebo ho atleha, basebetsi ho atleha, le sechaba ho mamella mathata a moruo.
Thuto e kholo mona ha se ho nyahama.
Thuto e kholo ke h**e nako ea ho nka mehato e se e fihlile.
Re tlameha ho aha moruo o pharaletseng, o matla, le o mamellang mathata ho feta oo re nang le ona kajeno.
Basebetsi ba anngoeng ke boemo bona ba tlameha ho fumana tšehetso le kutloelo-bohloko ea rona.
Empa naha e boetse e hloka puisano e tebileng mabapi le h**e na re ka theha mesebetsi e tšoarellang joang bakeng sa bokamoso.
Ke makala afe a moruo ao u nahanang h**e Lesotho e tlameha ho tsetela ho ona ka matla lilemong tse leshome tse tlang?
BAP LEADER Prof. Nqosa Mahao o hopotsa sechaba sa Basotho, seo a se ratang le ho itella sona, h**e 'muso o eteletsoeng pele ke RFP, le kajeno kamora lilemo tse 4 o busa, o ntse o hatile molao o fang Basotho likhoebo tseo ba hoebang ba le bang, melata e sa kene. Ke molao o tummeng ka h**e ke Section 34, o ileng oa feta ka 2021 pusong e ne eteletsoe-pele ke ABC.
RFP kaha lithahasello tsa eona ke ho sebeletsa melata, le kajeno e ntse o hatile holimo. Melata ha tlamehe e be ntse qothisana lehlokoa le baits'ukuli, ka likhoebo tse nyane, tse neng li tlameha h**e se li fuoa Basotho feela. Ho tloha moo re ile ra bona ha puso ena e sheshena mek'huk'hu ea baits'ukuli ka likhofu, e e betsetsa koana, ntle le ho fa Basotho bao moo ba ka ea hoebang teng ha ba tlosoa moo.
29/05/2026
Nalaneng ea Lesotho ha re so be le puso e bolileng joaloka ena e eteletsoeng-pele ke RFP.
E mpe ho feta ka h**e, ehlile ba busang, ho tloha ka matona, ba ipha mosebetsi oa tenders.
Beke le beke ke lihlooho tsa litaba tsa likoranta tse buoang ka bobolu ba matona.
Ka lilemo tse 4 feela puso ena e se nyamelitse bonyane M6 million , eo tonakholo Matekane a iketileng ka ho tla fumane na e ne nyametse kae pusong e fetileng.
Mosotho, maemo ana ke Prof. Mahao feela a ka inolang Lesotho ka hara qhafutso ena. ha ho emong.
28/05/2026
Basotho ba lehlohonolo h**e, e be ka hara selika-likoe sa lipolotiki re na le moetapele ea kang Prof. Nqosa Mahao. Moetapele enoa oa BAP o utloisisa boetapele le tsamaiso ka tsela e felletseng.
Ntate Mahao o boela ke setsebi sa molao, se bileng se hlomphang le ho boulela molao.
Tsena tsohle moo a kile a tṣ̌oara lekala l kapa tsamaiso, o ipakile h**e o tseba le ho li kenya tṣ̌ebetsong.
Mosotho oa heso, iketsetse toka ka 2028, u khethe mopoholosi oa 'nete oa Lesotho, BAP ketellong-pele ea Prof. Nqosa Mahao.
Click here to claim your Sponsored Listing.
Category
Contact the organization
Telephone
Website
Address
Maseru
0100