Leribe LECSA Mission
Nearby places of worship
Nelson Mandela Road, Hlotse
Mandela Road, Hlotse
Butha-Buthe 400
P. O. Mahobong, Maseru
St Paul Street, Butha-Buthe
Matsoaneng, Maputsoe
Maputsoe 350
Comments
Ke rapelela batho kamoka ba lefase.
Thapelo go modimo🙏🙏🙏🙏
Modimo papa ke rapelela bana ba gore, ba e lego setshaba sa lefase, banaba ke bana ba gago modimo, bana bagago ba lla ka mollo go , ba bego o gona wa covid 19 corona virus.., gosabalebanago, modimo bana ba gago ba bona o kare ke mafelelong a lefase,, modimo bantse ka gara a mollo go wa Satan covid 19, modimo bana ba gago ba itegile ka wena , modimo ka boya gape kare bantse ka gare a mollo wa satan, bana ba gago bago tumisa ka nako tsotle, ke lla go wena modimo go Pete sello sa bona.. Ge ba bona wena bago bona bjalo ka segetsa sa mapelo a bona , bago bona bjalo ka moliti wa mapelo a bona modimo , keya rapela modimo bosetsa mapelo a bana ba gago morago , nka thaba kudu wa PETA sego o bana ba gago ba llago ka sona amen🙏🙏🙏🙏🙏
Commen amen to god..
Prayer to Mr Rabothata.A.R
In Leribe, Moruti Francois Coillard wrote to his mother in France: Leribe, July 16, 1859: "I came here alone by waggon towards the end of February. I was well received by the chief Molapo... But unfortunately I had shaved myself completely, which made me look very young. Molapo, who had seen me at Thaba Bosiu with a beard, seemed struck by a change he could not understand, and at our first interview he asked me rather sarcastically, 'Moruti, how old might you be?'... In the evening, when the inquisitive people who had come to my waggon had left me, I walked towards a little well, where some women were drawing water. I greeted them, and they replied, 'Good evening Moneri', (Mynheer; this is the title by which the Boers make the natives address them). 'I am not your Master,' I replied. 'Who are you, then?' cried some voice. 'The Moruti' (missionary or teacher). 'The Teacher!' cried another. 'And what should he teach?’ He is a young man; he has neither wife nor beard.' I went away in silence, determined to lose no time before letting my beard grow back!".
Quote from "Coillard of the Zambezi" by C.W. Mackintosh, 1905
JOHANNE 3:20
Melato le makhopo,
'Na, mohloki, ke sitoa ke'ng
Ho u rapella tsohle?
Ke ntse ke itima khotso,
Ke tlala pelaelo,
Ha ke sa ise litaba
Ho uena ka thapelo.
A Parish of the Lesotho Evangelical Church in Southern Africa Francois Coillard in 1861 and established at it's current location since 1868.
This Parish of the Lesotho Evangelical Church in Southern Africa (LECSA) formerly known as the Paris Evangelical Missionary Society (P.E.M.S) was first established by Rev.
"Kamora matsatsi a mararo ba mo fumana ka Tempeleng a lutse hara baruti, a ba mametse, a ntse a ba botsa, 'me bohle ba mo mametseng ba ne ba hlolloa ke kelello ea hae le likarabo tsa hae." LUKA 2:46-47

"Motho ka mong a ke a fane ho ea kamoo a rerileng kateng ka pelong ea hae, e seng ka ho khanana kapa ka ho qobelloa. Molimo o rata ea fanang a thabile."
2 BAKORINTHE 9:7
Sefela sa 67 - Foka Moe'a Bophelo
Foka Moea oa Bophelo

e reng: Ekare ha o bolela ka molomo oa hao hobane Jesu ke Morena, 'me o lumela pelong ea hao hobane Molimo o mo tsositse bafung, o tla bolokeha.
BAROMA 10:9

BAROMA 8:29 Bao a ba tsebileng e sa le pele, o ba kgethile e sa le pele h**e ba tshwane le Mora wa hae, e le h**e Mora e be letsibolo hara bana ba bangata ba Modimo. | BIBELE (SSO89SO) | Download The Bible App Now
"Bao a ba tsebileng e sa le pele, o ba khethile e sa le pele h**e ba tšoane le Mora oa hae, e le h**e Mora e be letsibolo hara bana ba bangata ba Molimo".
BAROMA 8:29
BAROMA 8:29 Bao a ba tsebileng e sa le pele, o ba kgethile e sa le pele h**e ba tshwane le Mora wa hae, e le h**e Mora e be letsibolo hara bana ba bangata ba Modimo. | BIBELE (SSO89SO) | Download The Bible App Now Bao a ba tsebileng e sa le pele, o ba kgethile e sa le pele h**e ba tshwane le Mora wa hae, e le h**e Mora e be letsibolo hara bana ba bangata ba Modimo.

Ka tsatsi le qalang veke, e mong le e mong wa lona a bee kathoko ha hae seo a ka se bokellang, a lekanye ka seo a sitsitsweng ka sona, ho se ke ha lebellwa ho tla ha ka ho etsa dikabelo.
I BAKORINTHE 16:2

LETSOSO-LETŠOLO
"'Me ba tla khelosa litsebe tsa bona 'neteng, ho li isa litšomong. Empa haele uena, falimeha nthong tsohle, o mamelle bohloko, o etse mosebetsi oa 'moleli oa Evangeli, o phethisise tšebetso ea hau".
II TIMOTHEA 4:4-5

A mission to the land of Banyai

MATTHEU 7:8 Hobane e mong le e mong ya kopang, o a newa; ya batlang o a fumana, mme ho bulelwa ya kokotang. | Sesotho 1909/1961 (SO) (SSO61-SO) | Download The Bible App Now
Hobane e mong le e mong ea kopang, o a neoa; ea batlang o a fumana, 'me ho buleloa ea kokotang.
MATTHEU 7: 8
MATTHEU 7:8 Hobane e mong le e mong ya kopang, o a newa; ya batlang o a fumana, mme ho bulelwa ya kokotang. | Sesotho 1909/1961 (SO) (SSO61-SO) | Download The Bible App Now Hobane e mong le e mong ya kopang, o a newa; ya batlang o a fumana, mme ho bulelwa ya kokotang.
Molimo Ntat'a rona, rea u boka 'me rea u rorisa, ka baka la Moea oa hao o halalelang. U hlolile lefatše ka matla a oona, u tsamaisitse sechaba sa hao ka leseli la oona; u o beile holim'a Mora oa hao, 'me u o neile Kereke h**e e phelisoe 'me e tataisoe ke oona; ebile u sitsa ka oona bohle ba u rapelang ka tumelo.
Moea oa leseli le oa 'nete, u re ise litseleng tsa 'nete; Moea o matla, u re jare mohla re lekoang 'me u re fe ho hlõla bobe; Moea o tšelisang, u lule ho rona ha re le mahlomoleng; Moea oa khalalelo, kena mehopolong ea rona, u hloekise lipelo tsa rõna. U re lokolle tšab**g le boithorisong, 'me phethisise mosebetsi oa hao oa ho re pholosa, u re ise bophelong bo sa feleng. Amen.

Luka 9: 49 – 50 “Eaba Johanne o bua, a re: Monghali, re bone e mong ea lelekang batemona ka lebitso la hau, 'me re mo hanetse, hobane ha a u latele hammoho le rona. Empa Jesu a re ho eena: Le se ke la mo hanela; hobane ea sa re loantšeng, oa re loanela.”
Ha re rapeleng: Jehova ea tletseng mohau, re ikokobetsa pel’a terone ea hau e halalelang ka lihlong hobane re baetsalibe. Re u kopa ka tšoabo h**e u re tšoarele melato ea rona. Re u kopa ka lebitso la Jesu Kreste h**e u kene li pelong tsa rona ho li bulela ho utloa litao le lipolelo tse lokileng tsa hau.
Ntate, lentsoe la hau le halalelang le bua le rona kajeno, ho re senolela thato ea hau; ho re khalemela ha re u fosetsa ka ho ahlola ba sa lumellaneng le rona litabeng tsa lefatše le litabeng tsa hau; re ba bitsa lira tsa rona, le lira tsa ‘Muso oa hau. Jehova re tšoarele hobane kahlolo ea ‘nete e lokileng kea hau, ‘me rona ha rena matla a ho aba thohako.
Morena Jesu Kreste, nakong ena eo naha ea habo rona ea Lesotho e itokisetsang ho ea Likhethong tse Akaretsang, lentsoe la hau le re laea h**e re se ke ra hloma eka ba fapanang le rona ka maikutlo le chebo ea lipolotiki ke lira ho rona. Ha bana ba bo rona ba ipitsang ka lebitso la hau, ba sa lumellane le rona ka maikutlo, seo ha se ba fetole lira tsa rona. Lentsoe la hau le laeang, le khalemang, le re: “Le se hlome eka ba seng ‘moho le lona ba khahlanong le lona”.
Uena, Morena oa rona, u re ruta ho mamellana le ha re sa lumellane. Jesu Kreste, kena lipelong tsa rona h**e moo ba bang ba jalang lehloeo ho bana ba bo bona, rona Ba-Kreste re bope khotso! Rona ba ipitsang ka lebitso la Hau le pholosang, re ananele ba sa lumellaneng le rona. Re tsebe h**e… ea sa re loantšeng, oa re loanela.
Re kopa re tšepile Lebitso le letle la Morena oa rona Jesu Kreste
AMEN
JOHANNE 14:1
"Pelo tsa lona li se ferekane; lumelang ho Molimo, le ho 'na le lumele."

Hobane Molimo o mong feela, le 'Muelli mahareng a Molimo le batho o mong, e leng Jesu Kreste motho,
I TIMOTHEA 2:5
Re manqosa a Kreste ke hona, 'me ho ka thoe, ke Molimo o le khothatsang ka rona; re a le rapela, bakeng sa Kreste, re re: Boelanang le Molimo!
II BAKORINTHE 5:20
"Kea le lumelisa Ma LECSA amatle. Parish ea Leribe o lokisitse women's conference moo teng re tlo keteka letsatsi la mother's day ka la 04-05 June 2022 moo teng re lo thabang ha mmoho. Re tla be rena le bahlabolli ba moea oa rona re mema basali bohle, seabo sa rona letsatsing leo ke 20 maloti fela."
Molaetsa ka Mapatuoe Thokoana

Bakhethoa, binang alleluya,
Thabang, hlakolang masoabi;
Ea neng a shoele oa phela,
O tsohile bafung, 'Moloki.
Lebitla le bulehile.
Le botšo ba lona boa khanya.
Nyakallang, Jesu o tsohile,
Binang, binang alleluya!
Sefela sa 424 tem. 2
Calvary - Mohapeloa Singers
"A re ho bona: Moea oa ka o tšoeroe ka nqa tsohle ke masoabi a isang lefung; salang mona, le falimehe le 'na. A ntoo ea pejana, a oela fatše ka sefahleho, a rapela, a re: Ntate, ekare ha ho ka etsoa, ako fetisetse senoelo sena hole le 'na? Empa ho se ke ha etsoa thato ea ka, ho mpe ho etsoe ea hao!"
MATHEU 26:38-39
Thapelo ea Sontaha sa Lipalema ka Moruti Thulo Mosenoli oa Leribe LECSA
Sontaha sa lipalema
Mokete oa paseka o teng ka Leribe
Emmanuel!!

“Le leseli la lefatše. Motse o hahiloeng holima thaba o sitoa ho pateha; lebone le lona ha le ke be le hotetsoe le koaheloe ka nkho, empa le beoa setuloaneng sa lona, le khantšetse bohle ba ka tlung.
MATHEU 5:14-15


Rata Jehova, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea oa hao ohle, le ka matla a hao ohle. DEUTERONOMA 6:5
Oho, mpolelleng taba (Tell me an old old story)
Likolobetso tsa bana ka Sontaha sa Keresemese... har'a p**a ea litloebelele
Ke tla o ruta, ke o bontše tsela eo o tšoanetseng ho ea ka eona; ke tla o lemosa ke ntse ke o talimile ka mahlo.
LIPESALEMA 32:8

Bana beso, re rapelleng. Lumelisang baena bohle ka kako e halalelang. Ke le rapela ka Morena, ke re , lengolo lena le ke le balloe baena bohle ba halalelang. Mohau oa Jesu Kreste, Morena oa rona, o be le lona. Amen!
I BATHESALONIKA 5:25-28

Hobane le bolokehile ke mohau, ka tumelo; ha ho tsoe ho lona, ke mpho ea Molimo: hase ka mesebetsi, ho tle ho se ka ha eba motho ea ithorisang. BAEFESE 2: 8-9

Leha nka tsamaea khohlong ea moriti oa lefu, nke ke ka tšoha bobe leha bo le b**g, hobane o na le 'na; lere la hao le seikokotlelo sa hao ke tsona tse ntšelisang.
PESALEMA EA 23:4

Se khelosoeng ke lithuto lisele, tsa mefutafuta. Ke ntho e ntle ha pelo ea motho e matlafatsoa ka mohau oa Molimo, e seng ka melao e amanang le lijo, e se nang molemo ho ba e latelang.
BAHEBERU 13:9
"Hobane lona bohle ba kolobelitsoeng ho Kreste, le apere Kreste. Ha ho sa le Mojuda, leha e le Mokherike; ha ho sa le ea ruiloeng, leha e le ea sa ruoang; ha ho sa le monna, leha e le mosali; hobane kaofela ha lona le ntho e le 'ngoe ho Jesu Kreste."
BAGALATA 3: 27-28

Photos from Leribe LECSA Mission's post

Hymn 375
2 Potso: Taba ke life, baheso?
Mpolelleng kea rapela,
Le potlakela'ng hakalo?
Ke'ng e tsoang ho le hlahela?
Karabo: Re titimisoa ke letsoalo.
Re bitsitsoe ke Morena;
Ha ho monyaka o mokalo,
Ha re hopotsoe ke eena.
Bohle O tsamaea le rona
'Me mohla re fihlang Kanana
Re u fihlele le uena.
Videos (show all)
Products
Telephone
Website
Address
Leribe, Maoana-masooana P. O. Box 135
Leribe
300
Leribe, 0400
AFM Hlotse is the Pentecostal and charismatic church that is located in the northeast of Lesotho. W